- Se furalle motswalle wa hao
kapa wa ntatao,
ha o le bothateng,
se itlwaetse ho ya ha ngwaneno;
motswalle ya haufi o na le thuso,
ho feta ngwaneno ya hole. - Ya sedi o elellwa kotsi,
a batle setshabelo,
empa ya se nang tsebo
o tlatselaka feela,
a wele kotsing. - Tshepe e leotswa
ka tshepe e nngwe,
monna o tentshwa tshea
ke banna ba bang. - Jwalokaha motho
a ipona sefahleho ka metsing,
pelo ya motho
le yona ke seipone sa hae.
Dihlogotaba tša go tswalana
Segwera
Motswalle o na le...
Mogopolo
Thahasellang dintho tse hodimo...
Lapa
Mantswe ana ao ke...
Moagišane
Ya bobedi ke ena...
Polokego
Empa Morena o a...
Tšhireletšo
Hlomelang ka dihlomo tsohle...
Temana ya Bibele ya lehono
Ba bang ba tshepile kariki tsa ntwa,ba bang ba tshepile dipere,
empa rona re tshepile
lebitso la Morena,
lebitso la Morena Modimo wa rona.
