- Jesu a re ho yena: “O se ke wa ntshwara, hobane ha ke eso nyolohele ho Ntate, empa eya ho bana beso, mme o ba bolelle, o re: ‘Ke nyolohela ho Ntate, le Ntata lona, Modimo wa ka, le Modimo wa lona!’ ”
- O phahamisitswe ka letsoho le letona la Modimo, a amohela Moya o Halalelang jwalokaha Ntatae a ne a tshepisitse. A o theola kamoo le bonang, mme le utlwang kateng.
- Empa ha o thusa mafutsana, letsoho la hao le letshehadi le se ke la tseba se etswang ke le letona, thuso ena ya hao e be ya sephiri, mme Ntatao ya bonang le sephiring o tla o buseletsa.
- Ha Mothusi eo ke tla mo romela ho lona a tlile a etswa ho Ntate, Moya wa nnete o tswang ho Ntate, o tla mpaka.
- Kannetenete, ke a le bolella, ya dumelang ho nna, le yena o tla etsa mesebetsi eo ke e etsang, a etse le e fetang ena, hobane ke ya ho Ntate.
- Leha ho le jwalo, Morena,
wena o ntata rona;
rona re letsopa, wena o sebopi,
bohle re mosebetsi
wa matsoho a hao. - Jesu a meketsa ka lentswe le phahameng, a re: “Ntate, ke bea moya wa ka matsohong a hao.” Hoba a rialo, a neela moya.
- Mora Motho o tla tla ka tlotla ya Ntatae le mangeloi a hae, mme o tla putsa motho ka mong ka ho ya ka seo a se entseng.
Dihlogotaba tša go tswalana
Jesu
Jesu a ba tadima...
Lerato
Lerato le na le...
Lefase
Le se ke la...
Moputso
Sohle seo le se...
Thapelo
Thabang kamehla, se phetseng...
Legodimo
Mohla ho hlahang taelo...
Temana ya Bibele ya lehono
Ke tla phela ka bolokolohi,hobane ke thahasella ditaelo tsa hao.
Amogela Temana ya Bibele ya Letšatši ka Letšatši:
Tsebišo ya letšatši ka letšatšiEmeileAndroidWeposaeteng ya gagoTemana ya Bibele ya go se kgethwe ka maikemišetšo
Hlohonolo la Morenale entsha motho,
ha ho maswabi ao le a tlisang.Temana ya go latela!
