DailyVerses.netDihlogotabaTemana ya go se kgethwe ka maikemišetšoIngwadiše

1 JOHANNE 4

  • Baratuwa, le se ke la dumela mang kapa mang ya reng o na le Moya. Le mpe le hlahlobe hore na moya oo wa bona o tswa ho Modimo, hobane hohle lefatsheng ho tletse baporofeta ba bohata.
  • Le tla tseba moya o tswang ho Modimo ka sena: Moya o mong le o mong o pakang Jesu Kreste ya tlileng e le motho, o tswa ho Modimo; athe moya o mong le o mong o sa pakeng Jesu, ha o tswe ho Modimo. Moya o jwalo ke wa Sera sa Kreste, seo le utlwileng hore se a tla, se seng se bile se le teng hona jwale lefatsheng.
  • Lona bana ba ka, le ba Modimo, mme le hlotse baporofeta bao, hobane ya nang le lona o moholo ho feta ya nang le lona o moholo ho feta ya nang le ba lefatshe.
  • Baratuwa, a re rataneng, hobane lerato le tswa ho Modimo. Mang le mang ya nang le lerato o tswetswe ke Modimo, mme o tseba Modimo.
  • Ya se nang lerato ha a tsebe Modimo, kaha Modimo ke lerato.
  • Seo lerato la Modimo le bonahaditsweng ka sona ho rona ke sena: Modimo o ile a romela Mora wa hae ya inotshi lefatsheng, hore re tle re phele ka yena.
  • Seo lerato le leng sona ke sena: hase hore ke rona ba ratileng Modimo, empa ke yena ya re ratileng, a ba a romela Mora wa hae, hore e be nyehelo ka baka la dibe tsa rona.
  • Baratuwa, ha e le moo Modimo a re ratile jwalo, le rona re tshwanetse ho ratana.
  • Ha ho ya kileng a bona Modimo le ka mohla. Ha re ratana, Modimo o phela ka ho rona, mme lerato la hae le phethehile ka ho rona.
  • Seo re tsebang ka sona hore re phela ka ho yena, le yena o phela ka ho rona, ke sena: o re neile Moya wa hae.
  • Mang le mang ya pakang hore Jesu Kreste ke Mora wa Modimo, Modimo o phela ka ho yena, le yena o phela ka ho Modimo.
  • Rona re tsebile, ebile re dumetse lerato leo Modimo a nang le lona ho rona.
    Modimo ke lerato. Ya phelang leratong o phela ka ho Modimo, le Modimo o phela ka ho yena.
  • Tshabo ha e yo leratong, empa lerato le phethehileng le qhala tshabo, hobane tshabo e tsamaya le kotlo. Ya nang le tshabo ha a a phetheha leratong.
  • Rona re na le lerato, hobane yena o re ratile pele.
  • Ha e mong a re: “Ke rata Modimo,” empa a hloile ngwanabo, o leshano, hobane ya sa rateng ngwanabo, eo a mmonang, ha a ka ke a rata Modimo eo a esong ho mmone.
  • Taelo eo Kreste a re neileng yona ke ena: Ya ratang Modimo, eka kgona a rate le ngwanabo.

Temana ya Bibele ya lehono

Letshepa la ba lokileng
le hlahisa thabo,
athe la ba kgopo lona le a nyamela.

Amogela Temana ya Bibele ya Letšatši ka Letšatši:

Tsebišo ya letšatši ka letšatšiEmeileFacebookAndroid-appWeposaeteng ya gago

Temana ya Bibele ya go se kgethwe ka maikemišetšo

Motho ka mong a ke a fane ho ya kamoo a rerileng kateng ka pelong ya hae, e seng ka ho kganana kapa ka ho qobellwa. Modimo o rata ya fanang a thabile.Temana ya go latela!

Thekga DailyVerses.net

Nthuse ho phatlalatsa Lentsoe la Molimo:
Neela