- Bohle ba tswetsweng ke Modimo ba hlola lefatshe. Tlholo eo re hlolang lefatshe ka yona ke tumelo ya rona.
- Ke mang ya hlolang lefatshe, haese ya dumelang hore Jesu ke Mora wa Modimo?
- Jwale bopaki boo ke bona: Modimo o re neile bophelo bo sa feleng, mme bophelo bona re bo fumana ka Mora wa hae.
- Ya nang le Mora o na le bophelo boo; ya se nang Mora wa Modimo ha a na bophelo boo.
- Lona ba dumetseng lebitsong la Mora wa Modimo, ke le ngoletse tsena, hore le tle le tsebe hore le na le bophelo bo sa feleng.
- Re ka ya ho Modimo ka sebete, hobane, ha re kopa ho hong ho ya ka thato ya hae, o a re utlwa.
- Jwale, kaha re tseba hore o a re utlwa ha re kopa, re a tseba hore tseo re di kopang ho yena e se e ntse e le tsa rona.
- Hape re a tseba hore Mora wa Modimo o tlile, mme o re neile kutlwisiso, hore re tle re tsebe Modimo wa nnete. Re phela ka ho Modimo wa nnete, ka ho Mora wa hae, Jesu Kreste. Yena ke Modimo wa nnete, ke bophelo bo sa feleng.
- Bana ba ka, itlhokomeleng medimong ya bohata.
Dihlogotaba tša go tswalana
Jesu
Jesu a ba tadima...
Tumelo
Ka baka leo, ke...
Bophelo bjo bo sa felego
Ke di fa bophelo...
Go hlola
Ditaba tsena ke di...
Lefase
Le se ke la...
Tshepo
Tshepa Morena ka pelo...
Temana ya Bibele ya lehono
Ka baka leo, Modimo o ile a mo phahamisetsa hodimodimo, mme a mo fa lebitso le hlomphehang ho feta mabitso wohle, e le hore, ha ho bitswa lebitso la Jesu, mangwele wohle a lehodimong, le a lefatsheng, le a katlasa lefatshe, a tle a kgumame.Amogela Temana ya Bibele ya Letšatši ka Letšatši:
Tsebišo ya letšatši ka letšatšiEmeileAndroidWeposaeteng ya gagoTemana ya Bibele ya go se kgethwe ka maikemišetšo
Kaha o bile ntho ya bohlokwa,o hlompheha mahlong a ka,
hobane ke o rata,
ke tla fana ka batho
bakeng sa hao,
ke fane ka ditjhaba
bakeng sa bophelo ba hao.Temana ya go latela!
