- Ke a o rata Morena,
 wena matla a ka.
 Morena ke lehaha la ka,
 ke qhobosheane ya ka,
 ke monamoledi wa ka.
 Modimo wa ka ke lefika la ka,
 leo ke tshabelang ho lona;
 Morena ke thebe ya ka,
 ke lenaka la ka le ntwanelang,
 ke seqhobo sa ka.
- Makaqabetsing a ka
 ka ipiletsa ho Morena,
 ka llela Modimo wa ka
 hore a nthuse;
 a utlwa lentswe la ka
 a le ka tempeleng ya hae,
 sello sa ka sa fihla tsebeng tsa hae.
- Ho ya tshepahalang, o a tshepahala;
 ho ya se nang kodi, o hloka kodi.
- Morena, ke wena lebone la ka,
 Modimo wa ka o bonesa lefifi la ka.
- Tsela tsa Modimo di phethehile,
 tshepiso tsa Morena ke tsa nnete;
 yena ke thebe
 ya bohle ba tshabelang ho yena.
- Modimo ke mang,
 haese Morena?
 Lefika ke mang,
 haese Modimo wa rona?
- O nnea thebe ya hao e pholosang,
 letsoho la hao le letona
 le a ntshehetsa,
 paballo ya hao e a nkgodisa.
 O ntlhekela tsela e batsi,
 maoto a ka ha a thelle.
Dihlogotaba tša go tswalana
Tšhireletšo
Hlomelang ka dihlomo tsohle...
Phološo
Ha ho e mong...
Maatla
O se ke wa...
Potego
Empa Morena o a...
Go hloka bosodi
Ke ya metsamao e...
Lentšu la Modimo
Mangolo wohle a ngotswe...
Temana ya Bibele ya lehono
Bo kahodimo ho tsohle,iphumanele bona,
ka tsohle tseo o nang le tsona,
o bo reke, o iphumanele kutlwisiso.
