Ke a o rata Morena, wena matla a ka. Morena ke lehaha la ka, ke qhobosheane ya ka, ke monamoledi wa ka. Modimo wa ka ke lefika la ka, leo ke tshabelang ho lona; Morena ke thebe ya ka, ke lenaka la ka le ntwanelang, ke seqhobo sa ka.
Makaqabetsing a ka ka ipiletsa ho Morena, ka llela Modimo wa ka hore a nthuse; a utlwa lentswe la ka a le ka tempeleng ya hae, sello sa ka sa fihla tsebeng tsa hae.
O nnea thebe ya hao e pholosang, letsoho la hao le letona le a ntshehetsa, paballo ya hao e a nkgodisa. O ntlhekela tsela e batsi, maoto a ka ha a thelle.