- Ya arabang ka boikokobetso
o tima kgalefo,
empa polelo e kgahlapetsang
e baka bohale. - Leme le thabisang
ke fate sa bophelo,
empa le thetsang
le senya pelo ya motho. - Sethoto se nyedisa
thuto ya ntata sona,
athe ya ratang kgalemo
yena o a hlalefa. - Sejosenyane se molemo
ha o tshaba Morena,
ho ena le maruo
a o bakelang ditsietsi. - Ya sa rateng dikeletso
merero ya hae e a nyopa,
ya eletswang ke ba bangata
yena o a atleha. - Karabo e nepahetseng
e thabisa monga yona,
e tlang ka nako ya yona
e molemo hakaakang! - Ho tshaba Morena
ho ruta motho bohlale;
ikokobetse pele, mme o tla tlotlwa.
Dihlogotaba tša go tswalana
Go bolela
Leleme le ka phedisa...
Bohlale
Ke Morena ya fanang...
Tlhompho
Ho tshaba Morena ke...
Bonolo
Mosa wa lona o...
Pefelo
Ha le halefile le...
Moya wa Modimo
Morena ke Moya, mme...
Temana ya Bibele ya lehono
Ke a o rata Morena,wena matla a ka.
Morena ke lehaha la ka,
ke qhobosheane ya ka,
ke monamoledi wa ka.
Modimo wa ka ke lefika la ka,
leo ke tshabelang ho lona;
Morena ke thebe ya ka,
ke lenaka la ka le ntwanelang,
ke seqhobo sa ka.
