- Bea mesebetsi ya hao
atleng tsa Morena,
mme merero ya hao
e tla phethahala. - Sejosenyane se molemo
ha se fumanwe ka toka,
ho ena le maruo
a fumanwang ka bolotsana. - Motho o itherela tsela ya hae,
empa ke Morena ya mo tataisang. - Ho fumana bohlale
ho molemo ho feta kgauta,
ho fumana kutlwisiso
ho molemo ho feta silefera. - Ya elang ditaelo hloko o a atleha,
ya tshepang Morena
o a hlohonolofala. - Polelo tse monate
di ka mahe a dinotshi,
moyeng di a hlabosa,
di matlafatse mmele. - Motho ya kgopo o duka kgotso,
mosebi yena o qabanya metswalle,
metswalle ya hlooho ya kgomo. - Ya nang le mamello
o molemo ho feta ya dikgoka,
ya itshwarang ha a halefile
o feta ya hapang motse.
Dihlogotaba tša go tswalana
Tshepo
Tshepa Morena ka pelo...
Peakanyo
Bea mesebetsi ya hao...
Tšhegofatšo
Morena a le hlohonolofatse...
Tšhelete
Bophelo ba lona bo...
Go tshepega
Bana ba ka, lerato...
Mošomo
Sohle seo le se...
Temana ya Bibele ya lehono
Polelo tsohle tsa Modimoke tsa nnete.
Ke thebe ho bohle ba mo tshepang.