DailyVerses.netDihlogotabaTemana ya go se kgethwe ka maikemišetšoIngwadiše

Seetša (2/2)

  • Ka baka leo, tsohle tseo le di buileng lefifing di tla utlwahala leseding, le tseo le di nyenyeleditseng motho tsebeng dikamoreng tse kahare, di tla phatlalatswa dihlohlolong tsa matlo.
  • Hase ka sabole ba hapileng naha eo,
    leha e le ho hlola
    ka matsoho a bona;
    empa e bile
    ka tsoho la hao le letona,
    le ka sefea sa hao,
    le ka ho ba phuthollela
    fahleho sa hao,
    hobane o ne o ba rata.
  • Melao ya Morena e lokile,
    e hlatswa pelo;
    taelo ya Morena e hlakile,
    e edisa mahlo.
  • Ka fumana thuso ya Modimo, ho fihlela ka letsatsi lena ke ntse ke eme ho paka ho ba baholo le ba banyenyane, ho se letho leo ke le bolelang ntle ho tseo baporofeta le Moshe ba itseng di tla etsahala; e leng hore Mesia o tla hlokofatswa, e be wa pele ho tsoha bafung, a tle a bontshe setjhaba sa Bajuda le baditjhaba lesedi.
  • Empa ya etsang seo e leng nnete o tla leseding, hore mesebetsi ya hae e bonahale hore o e entse a ena le Modimo.
  • Leihlo ke lebone la mmele. Haeba leihlo la hao le hloka sepha, mmele wohle wa hao o tla ba leseding, empa haeba leihlo la hao le sa loka, mmele wohle wa hao o tla aparelwa ke lefifi. Ha ho le jwalo, ha lesedi le ka ho wena le fetoha lefifi, lefifi e tla ba le lekaakang!

Temana ya Bibele ya lehono

Kahoo bophelo boo ke bo phelang ha e sa le ba ka, empa e se e le ba Kreste ya phelang ka ho nna. Bophelo boo ke bo phelang lefatsheng jwale, ke bo phela ka ho dumela ho Mora wa Modimo, ya nthatileng, mme a itella nna.

Temana ya Bibele ya go se kgethwe ka maikemišetšo

Jesu a re: “Lesang bana ba tle ho nna. Le se ke la ba thibela ho tla ho nna, hobane Mmuso wa mahodimo ke wa ba jwaloka bona.”Temana ya go latela!

Thekga DailyVerses.net

Nthuse ho phatlalatsa Lentsoe la Molimo:
Neela