- Etsisang Modimo, kaha le le bana ba hae ba ratehang.
- Phelang ka lerato, jwalokaha le Kreste a le ratile, mme a tela bophelo ba hae ka baka la lona, hore e be nyehelo le sehlabelo se monko o monate ho Modimo.
- Empa ha e le bohlola, le tsohle tse ditshila, le meharo, di se ke tsa bolelwa le ho bolelwa hara lona, jwalokaha ho loketse bahalaledi.
- Pele le ne le le lefifing, empa kajeno le leseding, hobane le ba Morena. Phelang jwaloka bana ba lesedi.
- Ditholwana tsa lesedi ke tsohle tse molemo, tse lokileng le tsa nnete.
- Le se ke la ikamahanya le mesebetsi e nyopang ya lefifi, le mpe le e nyatse.
Tseo ba di etsang sephiring, le ho di bolela ho dihlong. - Hlokomelang metsamao ya lona haholo; le se be dithoto, le mpe le be ba bohlale, le sebedise monyetla oo le o fumanang, hobane mehla ena e mebe.
- Lona basadi, ikokobeletseng banna ba lona, jwalokaha le ikokobeletsa Morena, hobane monna ke hlooho ya mosadi, jwalokaha le Kreste e le hlooho ya Kereke. Ke yena mopholosi wa mmele, e leng kereke.
- Le lona banna, ratang basadi ba lona, jwalokaha le Kreste a ratile kereke, mme a e teletse bophelo ba hae. O ratile ho e halaletsa, ka ho e hlwekisa ka tlhatsuo ya metsi, le ka lentswe.
- Le banna ba tshwanetse ho rata basadi ba bona jwalo, jwaloka mmele ya bona hantle. Ya ratang mosadi wa hae o a ithata.
- Ka baka lena, monna o tla tlohela ntatae le mmae, a matahane le mosadi wa hae, mme ba babedi bao ba tla fetoha ntho e le nngwe.
- Ha ho le jwalo, e mong le e mong wa lona a rate mosadi wa hae jwalokaha a ithata; mosadi le yena a homphe monna wa hae.
Dihlogotaba tša go tswalana
Lenyalo
Ya inyaletseng mosadi wa...
Ditswalano
Ntjapedi ha e hlolwe...
Mmele
Kapa na ha le...
Bana
Jesu a re: “Lesang...
Lerato
Lerato le na le...
Jesu
Jesu a ba tadima...
Temana ya Bibele ya lehono
A matle hakaakang maotoa ba tsamayang hodima dithaba,
bona ba tlisang molaetsa o molemo,
ba phatlalatsang taba tsa kgotso
ba tlisang molaetsa o molemo,
ba phatlalatsang taba tsa topollo,
ba reng ho Sione:
“Modimo wa hao o a busa!”
Amogela Temana ya Bibele ya Letšatši ka Letšatši:
Tsebišo ya letšatši ka letšatšiEmeileFacebookAndroid-appWeposaeteng ya gagoTemana ya Bibele ya go se kgethwe ka maikemišetšo
Boholo, le matla, le tlotlake tsa hao, Morena,
le tlholo, le botlotlehi.
Tsohle tse lehodimong le lefatsheng
ke tsa hao;
mmuso ke wa hao, Morena,
ke wena hlooho,
o phahametse tsohle.Temana ya go latela!