Ke nna sefate sa morara, lona le makala. Ya dulang ka ho nna, le nna ka ho yena, o beha ditholwana tse ngata, hobane ntle ho nna le ke ke la etsa letho.
Leha fate sa feiye se ke ke sa fupa, kapa fate sa morara sa se ke sa beha; leha mohlwaare o ke ke wa beha ditholwana, kapa kotulo ya eba siyo masimong; leha masaka a dikgutswane a ka oma, kapa masaka a dikgomo a mela mohlwa, nna ke tla nne ke ithabelle Morena, ke nyakallele Modimo, Mopholosi wa ka.
A nka senwelo, a leboha, a nto ba nea sona, a re: “Nwelang ho sona bohle, hobane hona ke madi a ka a selekane, a tla tshollelwa ba bangata, a tshollelwa tshwarelo ya dibe.”
Fate tsa morara di se di omeletse, fate tsa feiye tsona di ponne, fate tsa kgarenate, tsa palema le tsa diapole: Difate tsohle tsa naha di omeletse. Ruri batho ba feletswe ke monyaka.
Se ngongoreheng ka letho, empa tsohle tseo le di hlokang le di hlahise ho Modimo ka thapelo le kopo e nang le teboho. Kgotso ya Modimo, e fetang kutlwisiso yohle, e tla boloka dipelo tsa lona le mehopolo ya lona ho Kreste Jesu.