- Boka Morena, wena moya wa ka;
botho bohle ba ka
bo boke bitso la hae le halalelang. - Morena o na le kutlwelobohloko,
Morena o mosa;
o dieha ho halefa, o tletse mohau. - Jwalokaha botjhabela
bo le hole le bophirimela,
le ditlolo tsa rona o a di suthisa,
o di suthisetsa hole le yena hakaalo. - Jwalokaha ntata bana
a ba utlwela bohloko,
ka mokgwa o jwalo le Morena
o utlwela ba mo tshabang bohloko. - Empa mohau wa Morena,
ho ba mo tshabang,
ke wa kamehla yohle,
e se nang qaleho le qetello;
le ho loka ha hae ho fihla
le ditlohotloholwaneng tsa bona,
ho ba bolokang selekane sa hae,
ba hopolang
ho phethahatsa ditaelo tsa hae.
Dihlogotaba tša go tswalana
Lerato
Lerato le na le...
Kgalalelo
Ha ho le jwalo...
Go direla/hlankela
Oho, Morena, ke wena...
Moya
Empa ha le le...
Tumišo
Oho, Morena, ke wena...
Kgaugelo
Ka baka leo, a...
Temana ya Bibele ya lehono
Se busetseng bobe ka bobe, kapa tlhapa ka tlhapa, empa le hlohonolofatse, hobane Modimo o le bitseditse ho ja lefa la mahlohonolo, hobane ho thwe.Amogela Temana ya Bibele ya Letšatši ka Letšatši:
Tsebišo ya letšatši ka letšatšiEmeileAndroidWeposaeteng ya gagoTemana ya Bibele ya go se kgethwe ka maikemišetšo
Ebang sebete, le tiye dipelo,lona bohle ba tshepileng Morena.Temana ya go latela!
