- Morena, o ntlhahlobile, o a ntseba.
 O tseba ha ke dula le ha ke ema,
 o hlalohanya mehopolo ya ka,
 o e hlalohanya ke sa le hole.
- Lentswe le eso be teng lemeng la ka,
 o se o le tseba hantle, Morena.
- Nka ya kae
 ho ipatela moya wa hao?
 Nka balehela kae
 ho ipatela sefahleho sa hao?
 Ha nka nyolohela mahodimong,
 o teng moo;
 leha nka theohela Nqalong ya Bafu,
 le teng o teng.
- Ke wena ya bopileng
 bokahare ba ka,
 ya kopantseng ditho tsa ka
 ke sa le popelong ya mme.
 Ke a o boka,
 hobane o mpopile
 ka mokgwa o makatsang;
 mesebetsi ya hao e a hlolla,
 hona ke ho tseba hantle.
- Ntlhahlobe, Modimo,
 o tsebe pelo ya ka;
 o nnonye maikutlo,
 o tsebe mehopolo ya ka;
 o bone hore na ke tseleng e mpe,
 o ntsamaise tseleng
 ya kamehla yohle.
Dihlogotaba tša go tswalana
Dikgopolo
Ntlhahlobe, Modimo, o tsebe...
Kwešišo
Ipiletse ho nna, mme...
Go nyaka
Le tla mpatla, mme...
Go bolela
Leleme le ka phedisa...
Ramatla
Boholo, le matla, le...
Moya wa Modimo
Morena ke Moya, mme...
Temana ya Bibele ya lehono
Bo kahodimo ho tsohle,iphumanele bona,
ka tsohle tseo o nang le tsona,
o bo reke, o iphumanele kutlwisiso.
