DailyVerses.netDihlogotabaTemana ya go se kgethwe ka maikemišetšoIngwadiše

Mmele (2/2)

  • A nka bohobe, a leboha, a bo ngwatha, a ba nea bona, a re: “Hona ke mmele wa ka o fanwang ka baka la lona; etsang hona hore le tle le nkgopole.”
  • Bohle re kolobeleditswe ho ba mmele o le mong, ka Moya o le mong; leha re ka ba Bajuda kapa Bagerike, makgoba kapa balokolohi, re amohetse Moya o le mong.
  • Leha nka fana ka tsohle tseo ke nang le tsona, esita leha nka neelana ka mmele wa ka hore o tjheswe, empa ke se na lerato, ha ho nthuse letho.
  • Empa le apare tsa Morena Jesu Kreste, mme le kgaotse ho kgotsofatsa ditakatso tsa botho.
  • Le banna ba tshwanetse ho rata basadi ba bona jwalo, jwaloka mmele ya bona hantle. Ya ratang mosadi wa hae o a ithata.
  • Ke nna bohobe bo phelang, bo theohileng lehodimong; ha motho a ka ja bohobe bona o tla phela ka ho sa feleng, mme bohobe boo ke tla fana ka bona ka baka la bophelo ba lefatshe, ke nama ya ka.
  • Yena, ka mmele wa hae, o ile a isa dibe tsa rona sefapanong, hore re tle re shwe ka nqeng ya sebe, mme re phele ka nqeng ya ho loka. Ke yena eo le fodisitsweng ke maqeba a hae.
  • Lona basadi, ikokobeletseng banna ba lona, jwalokaha le ikokobeletsa Morena, hobane monna ke hlooho ya mosadi, jwalokaha le Kreste e le hlooho ya Kereke. Ke yena mopholosi wa mmele, e leng kereke.
  • Ka baka lena, monna o tla tlohela ntatae le mmae, a matahane le mosadi wa hae, mme ba babedi bao ba tla fetoha ntho e le nngwe.
  • A re ho bona: “Na le lona le hloka kutlwisiso? Na ha le elellwe hore ntho e nngwe le e nngwe e tswang kantle ha e kena ka ho motho e sitwa ho mo silafatsa, hobane ha e kene ka pelong ya hae, empa e kena ka maleng, e nto tswela mohlabeng?” Ka ho rialo a bolela ho hlweka ha dijo tsohle.
  • Thato ya Modimo ke hore le halalele, le pheme bohlola, e mong le e mong wa lona a ithute ho inkela mosadi eo a tla phela le yena ka mokgwa o halalelang, o hlomphehang. A se ke a nkuwa ke ditakatso tsa bokgopo, jwaloka bahedene ba sa tsebeng Modimo.
  • Jwale mesebetsi ya botho e totobetse: Ke bohlola, diketso tse ditshila, tse manyala, tshebeletso ya medimo ya bohata, boloi, bora, diqabang, mohono, kgalefo, dikgang, diphapang, dikgaohano, mona, botahwa, bonyollo, le tse ding tse jwalo. Jwalokaha nkile ka le bolella e sa le pele, ke sa boela ke le bolella hape hore ba etsang tse jwalo e ke ke ya eba majalefa a Mmuso wa Modimo.
  • Empa ho tloha tshimolohong ya tlholeho Modimo o ile a etsa e motona le e motshehadi; ka baka lena monna o tla tlohela ntatae le mmae a matahane le mosadi wa hae, mme ba babedi bao ba tla fetoha ntho e le nngwe; kahoo ha ba sa le babedi, empa e se e le ntho e le nngwe. Seo Modimo a se kopantseng se se ke sa arohanngwa ke motho.
  • Ba laolwang ke botho ba thahasella tsa botho, empa ba laolwang ke Moya ba thahasella tsa Moya.
  • Yare ha ba ntse ba eja, Jesu a nka bohobe, a boka, a bo ngwatha, mme a bo nea barutuwa ba hae, a re: “Nkang le je; hona ke mmele wa ka.”
  • Furallang bohlola! Dibe tse ding tsohle tseo motho a di etsang ha di ame mmele wa hae, empa ya etsang bohlola o sitelwa mmele wa hae.

Temana ya Bibele ya lehono

Pelo e thabileng
e tseba ho fodisa,
empa moya o hlorileng
o tepeletsa mmele.

Amogela Temana ya Bibele ya Letšatši ka Letšatši:

Tsebišo ya letšatši ka letšatšiEmeileFacebookAndroid-appWeposaeteng ya gago

Temana ya Bibele ya go se kgethwe ka maikemišetšo

Hlokomelang hore ho se be ya busetsang bobe ka bobe, mme kamehla le pheelle ho etsetsana tse molemo, le ho di etsetsa bohle.Temana ya go latela!

Thekga DailyVerses.net

Nthuse ho phatlalatsa Lentsoe la Molimo:
Neela