DailyVerses.netDihlogotabaTemana ya go se kgethwe ka maikemišetšoIngwadiše

Nnete (2/2)

  • Lentswe ya eba motho, la aha hara rona, mme ra bona tlotla ya lona, e tletseng mohau le nnete, tlotla e kang eo Mora ya tswetsweng a nnotshi a e fumaneng ho Ntate.
  • Ha Mothusi eo ke tla mo romela ho lona a tlile a etswa ho Ntate, Moya wa nnete o tswang ho Ntate, o tla mpaka.
  • Nthute tsela ya hao Morena,
    ke tle ke tsamaye nneteng ya hao;
    tataisetsa pelo ya ka
    tshabong ya lebitso la hao.
  • Paki e tshepahalang
    ha e ke e thetsa,
    empa ya bohata
    yona e bua leshano.
  • Ditholwana tsa lesedi ke tsohle tse molemo, tse lokileng le tsa nnete.
  • Le tswa ho ntata lona, Diabolosi, mme le rata ho phetha ditakatso tsa ntata lona. Yena e bile mmolai ho tloha tshimolohong, mme ha a a ka a ema nneteng, hobane ha ho nnete ka ho yena. Ha a bua leshano, o bua tseo e leng tsa hae, kahobane o leshano, ke raleshano.
  • Empa ke le bolella nnete: Ho molemo ho lona hore ke ye, hobane ha ke sa ye, Mothusi a ke ke a tla ho lona; athe ha ke eya, ke tla mo romela ho lona.
  • Empa ya etsang seo e leng nnete o tla leseding, hore mesebetsi ya hae e bonahale hore o e entse a ena le Modimo.
  • Mohlomong le ka nna la re ka dipelong tsa lona: ‘Dipolelo tseo Morena a sa kang a di bua re tla di tseba jwang?’ Ha moporofeta a bua ka lebitso la Morena, empa ntho eo a e buang e sa etsahale, e sa phethahale, ntho eo ke e sa buuwang ke Morena. Moporofeta eo o e buile ka boikakaso; le se ke la mo tshaba.
  • Kahoo ebang malalaalaotswe, nnete e be leqhama la lona, ho loka ho sireletse difuba tsa lona, mafolofolo a ho bolela molaetsa o molemo wa kgotso, e be meqathatso ya lona. Haholoholo tshwarang thebe ya tumelo eo ka yona le ka tsebang ho tima malakabe a metsu yohle e tukang ya E Mobe.

Temana ya Bibele ya lehono

Kahoo bophelo boo ke bo phelang ha e sa le ba ka, empa e se e le ba Kreste ya phelang ka ho nna. Bophelo boo ke bo phelang lefatsheng jwale, ke bo phela ka ho dumela ho Mora wa Modimo, ya nthatileng, mme a itella nna.

Temana ya Bibele ya go se kgethwe ka maikemišetšo

Ka ho ya ka boholo ba tlotla ya hae, a ke a le ekeletse matla ka Moya wa hae le tle le matlafale bothong ba lona ba moya, e le hore, ka tumelo, Kreste a ahe ka dipelong tsa lona. Le tsitse, le tiye leratong.Temana ya go latela!

Thekga DailyVerses.net

Nthuse ho phatlalatsa Lentsoe la Molimo:
Neela