- Le sa hloka mamello, e le hore, ka ho phetha thato ya Modimo, le tle le amohele seo le se tshepisitsweng.
- Ba laolwang ke botho ba thahasella tsa botho, empa ba laolwang ke Moya ba thahasella tsa Moya.
- Ya ithibang ditsebe
hore a se utlwe molao,
thapelo tsa hae
le tsona ke manyala. - Empa ya etsang seo e leng nnete o tla leseding, hore mesebetsi ya hae e bonahale hore o e entse a ena le Modimo.
- Ke thabela ho etsa thato ya hao,
Modimo wa ka.
Molao wa hao o ka pelong ya ka. - Ke nna sefate sa nnete sa morara, mme Ntate ke molemi. Lekala le leng le le leng le ho nna le sa beheng ditholwana, o a le poma, mme le leng le le leng le behang ditholwana, o a le faola, hore le tle le behe ditholwana tse ngata ho feta.
- Empa ke ne ke ba nee molao ona, ka re: Ntlhompheng, ke tla ba Modimo wa lona, mme lona le be setjhaba sa ka. Tsamayang ka ditsela tseo ke le laetseng ho tsamaya ka tsona, le tle le phele hamonate.
- Morena o ile a re laela hore re phethe melao ena yohle, re tshabe Morena Modimo wa rona, e le hore re tle re atlehe kamehla, re phele jwalokaha re phela kajeno.
- Ba batlang tlotla le hlompho le ho se shwe, ka ho tiisetsa ho etsa tse lokileng, o tla ba nea bophelo bo sa feleng.
- Setjhaba sa re ho Joshua: “Re tla sebeletsa Morena Modimo wa rona, mme re tla mamela lentswe la hae.”
Dihlogotaba tša go tswalana
Molao
Mantswe ana ao ke...
Tšhegofatšo
Morena a le hlohonolofatse...
Go theeletša
Bana beso ba ratehang...
Go latela
Le tsamaye ka tsela...
Bophelo
Morena o tla o...
Lentšu la Modimo
Mangolo wohle a ngotswe...