Na hara lona ho teng ya kulang? A ke a bitse baholo ba kereke, hore ba tle ba mo tlotse ka ole ba ntse ba mo rapella ka lebitso la Morena. Thapelo e etswang ka tumelo e tla fodisa mobabi, mme o tla tsoswa diphateng ke Morena. Ha a entse dibe, o tla di tshwarelwa.
Empa bohlale bo tswang hodimo, pele ho tsohle, bo hlwekile; hape bo na le kgotso le mosa, bo bonolo, bo tletse lereko le ditholwana tse molemo; ha bo na leeme, ha bo iketsise.
Jwale Jesu a ba isa kantle ho motse, a ya le bona ho ya fihla Bethania, a phahamisa matsoho, a ba hlohonolofatsa. Eitse ha a ntse a ba hlohonolofatsa, a tloha ho bona, a nyollelwa lehodimong.
Ka baka leo, bana beso ba ratehang, le tiye, le se ke la thekesela, le nne le sebeletse Morena ka mesebetsi e mengatangata kamehla, le ntse le tseba hore mofufutso wa lona hase wa lefeela pela Morena.