- Jwale, bana beso, ke le hopotsa molaetsa o molemo oo ke le boleletseng wona, oo le o amohetseng, oo le tiileng ho wona, oo le tla pholoswa ka wona, ha le o boloka kamoo ke le boleletseng wona kateng; ho seng jwalo tumelo ya lona ke ya lefeela.
- Pele ho tsohle, ke le neile seo nna ke se amohetseng, e leng hore Kreste o shwele ka baka la dibe tsa rona, ho ya kamoo Mangolo a bolelang kateng, le hore o ile a patwa, a ba a tsoha bafung ka tsatsi la boraro.
- Erekaha lefu le hlahile ka motho, le tsoho ya bafu e hlaha ka motho.
- Jwalokaha bohle ba eshwa ka baka la Adama, bohle ba tla boela ba phela ka baka la Kreste.
- Le se ke la ithetsa.
“Ditlwaelano tse mpe
di senya mekgwa e metle.” - Hlaphohelwang, mme le se ke la nna la etsa sebe. Ba bang ha ba tsebe Modimo; ke rialo hore le hlajwe ke dihlong.
- Motsu wa lefu ke sebe, mme matla a sebe ke Molao.
- Ha ho le jwalo, a re leboheng Modimo ya re neileng ho hlola ka Morena wa rona Jesu Kreste.
- Ka baka leo, bana beso ba ratehang, le tiye, le se ke la thekesela, le nne le sebeletse Morena ka mesebetsi e mengatangata kamehla, le ntse le tseba hore mofufutso wa lona hase wa lefeela pela Morena.
Dihlogotaba tša go tswalana
Sebe
Kapa na ha le...
Jesu
Jesu a ba tadima...
Phološo
Ha ho e mong...
Go tsoga bahung
Jesu a re ho...
Lehu
Jesu a re ho...
Tumelo
Ka baka leo, ke...
Temana ya Bibele ya lehono
Thuto tsa kadi tla rotha jwaloka pula,
polelo tsa ka
di monyele jwaloka phoka,
jwaloka lefafatsane
hodima jwang bo botalana,
le jwaloka modupe hodima dijalo.
Amogela Temana ya Bibele ya Letšatši ka Letšatši:
Tsebišo ya letšatši ka letšatšiEmeileFacebookAndroid-appWeposaeteng ya gagoTemana ya Bibele ya go se kgethwe ka maikemišetšo
Lentswe la haoke lebone maotong a ka,
ke lesedi tseleng ya ka.Temana ya go latela!
