- Mangolo wohle a ngotswe ka tshusumetso ya Moya wa Modimo, mme a na le thuso ya ho ruta, ya ho nyatsa, ya ho busetsa batho tseleng ya ho loka le ho ba tsamaisa ho yona, hore motho wa Modimo a tle a phethehe, a kwetlisetswe mesebetsi yohle e lokileng.
- Modimo ha a a ka a re nea moya wa bokwala, empa o re neile moya wa matla, wa lerato le wa boitshwaro.
- Ya re pholositseng, mme ya re bitseditseng hore re halalele, e seng ka baka la mesebetsi ya rona, empa e le ka baka la morero wa hae le mohau wa hae. O re file mohau ona ka Kreste Jesu, mehla e eso be teng.
- Etsa ka matla ho ba ya amohelehang ho Modimo, mosebeletsi ya ke keng a hlajwa ke dihlong, ya rutang lentswe la nnete ka ho otloloha.
- Efela bohle ba ratang ho phela ho Kreste Jesu ka borapedi, ba tla hloriswa.
- Phatlalatsa lentswe, o pheelle ho le bolela, ebang le a amohelwa kapa ha le amohelwe; nyatsa, kgalemela, kgothatsa, o ntse o ruta ka mamello yohle.
- Morena o tla nne a ntopolle mesebetsing yohle e kgopo, a mpholose, a nkise Mmusong wa hae wa lehodimo. Tlotla e ke e be ho yena kamehla le mehla. A ho be jwalo!
- Lentswe lena ke la nnete, le reng:
“Haeba re shwele le yena,
re tla phela le yena.” - Phema ditakatso tsa botjha, o habe ho loka, tumelo, lerato le kgotso, mmoho le bohle ba rapelang Morena ka dipelo tse hlwekileng.
- Ke lwanetse tsa Modimo senna, ke qetile thota ya peiso, ke bolokile tumelo. Jwale ke se ke beetswe mofapahlooho wa ho loka, oo Morena, moahlodi ya lokileng, a tlang ho mputsa ka wona ka Letsatsi lela; e seng nna feela, empa le bohle ba lebeletseng boiponahatso ba hae.
Dihlogotaba tša go tswalana
Lentšu la Modimo
Lentswe la Modimo le...
Bophelo
Morena o tla o...
Mošomo
Sohle seo le se...
Lerato
Lerato le na le...
Maatla
O se ke wa...
Kgaugelo
Ka baka leo, a...
Temana ya Bibele ya lehono
Ke ipiletsa ho wena Morena,ke le tlasetlase.
Morena, ako utlwe lentswe la ka!
Tsebe tsa hao di ke di mamele
ha ke etsa thapedi ya ka.