Bana beso, haeba motho a ka wela sebeng ka tsometso, lona ba nang le Moya wa Modimo le mmusetse tseleng ka moya o mosa. Le wena o itlhokomele, esere wa lekwa.
Nna ke mpe ke se ithorise ka letho, haese feela ka sefapano sa Morena wa rona Jesu Kreste, seo ka sona ho nna lefatshe le thakgisitsweng, le nna ke thakgisitsweng ka nqeng ya lefatshe!
Ho lehlohonolo motho ya itshepetseng Morena, eo tshepo ya hae e leng yena Morena. O tla tshwana le sefate se lemilweng pela metsi, seo metso ya sona e namelang pela molatswana. Ha se ke se tshoswa ke ho fihla ha lebatama, mahlaku a sona a matalana kamehla, ka nako ya komello ha se ke se tshwenyeha, kamehla se beha ditholwana tsa sona.