Itokisetseng tseo le tla di bua, le kgutlele ho Morena, le re ho yena: “Ako re tshwarele bokgopo bohle ba rona, mme thapedi ya rona o e amohele. Bakeng sa ho nyehela ka mahlabelo a dipohwana, re tla o boka ka melomo ya rona.”
Ya bohlale ke mang? Tsena o tla di hlokomela. Ya masene ke mang? Yena o tla di utlwisisa. Ditsela tsa Morena di nepahetse, ba lokileng ba tla tsamaya ka tsona, baetsadibe ba kgothometsehe ho tsona.
Empa Morena o re: “Ke nna Morena Modimo wa hao, ho tloha ha o le naheng, naheng ya Egepeta. Ha o a ka wa ba le Modimo e mong kantle ho nna, hobane ha ho Mopholosi e mong kantle ho nna.”
Etsa hore ke tsebe mohau wa hao, ke o tsebe e sa le hoseng, hobane ke o tshepile; mpontshe tsela eo nka tsamayang ka yona, hobane ke o rapela ka moya wa ka wohle.