DailyVerses.netDihlogotabaTemana ya go se kgethwe ka maikemišetšoIngwadiše

Thapelo (3/3)

  • Ntate, bao o nneileng bona, ke rata hore moo ke leng teng le bona ba be hona teng, hore ba bone tlotla ya ka, eo o nneileng yona, hobane o nthatile ho eso thewe lefatshe.
  • Ke ba tsebisitse lebitso la hao, mme ke tla nne ke ba tsebise lona, e le hore lerato leo o nthatileng ka lona le tle le be ka ho bona, le nna ke be ka ho bona.
  • Yare hoba ba itime dijo, mme ba rapele, ba ba bea matsoho, ba re ba tsamaye.
  • Ba nna ba tiisetsa thutong ya baapostola, le kopanong ya bodumedi, le ho ngwathweng ha bohobe, le dithapelong.
  • Morena, ako utlwe thapelo ya ka,
    o sekehele thapedi ya ka tsebe,
    o se hane ho mamela sello sa ka.
    Ke mojaki naheng ya hao,
    ke mofeti jwaloka bo-ntate.
  • O re tshwarele ditshito tsa rona,
    jwalokaha le rona re tshwarela
    ba re sitetsweng.
  • O re phemise ho kena molekong,
    o mpe o re lopolle bobeng,
    hobane Mmuso ke wa hao,
    le matla, le tlotla,
    kamehla le mehla. Amen.
  • Ha ba ntse ba phetha tshebeletso ya Morena Jesu, mme ba itima dijo, Moya o Halalelang wa re: “Nkgetheleng Baranabase le Saule bakeng sa mosebetsi oo ke ba bitseditseng wona.”
  • O re fe kajeno bohobe ba rona
    ba tsatsi le leng le le leng.
  • Jesu a nka dinkgwa tse hlano le ditlhapi tse pedi, a lelalla lehodimong, a di hlohonolofatsa, a di ngwatha, a di nea barutuwa ho di abela letshwele. Bohle ba eja, ba kgora, mme ha bokellwa diroto tse leshome le metso e mmedi tsa makumane a setseng.
  • Ke tla matlafatsa ba ntlo ya Juda,
    ba ntlo ya Josefa ke ba pholose.
    Ke tla ba kgutlisetsa ha habo bona,
    hobane ke ba utlwela bohloko.
    Ba tla ka bao ke ne ke eso ba lahle,
    hobane nna ke Morena,
    Morena Modimo wa bona,
    ke tla amohela thapelo tsa bona.
  • Le lona banna, le phedisane le basadi ba lona, le ntse le tseba hore ba fokola ho le feta. Le ba hlomphe hobane le bona, hammoho le lona, ke majalefa a bophelo boo Modimo a le neang bona. Etsang hona e le hore dithapelo tsa lona di tle di se ke tsa sitiswa.
  • Ha batho bohle ba kolobeditswe, Jesu le yena a kolobetswa. Ha a ntse a rapela lehodimo la buleha, mme Moya o Halalelang wa theohela hodima hae ka sebopeho se kang sa leeba; lentswe la tswa lehodimong, la re: “O Mora wa ka eo ke mo ratang, ya nkgahlang.”
  • Dithapelong le dikopong tsohle, le nne le rapele ka Moya ka nako tsohle. Le fadimehele ho rapella badumedi bohle ka tiisetso.
  • Ya ithibang ditsebe
    hore a se utlwe molao,
    thapelo tsa hae
    le tsona ke manyala.
  • Ke re ho lona: Kopang, mme le tla fuwa; batlang, mme le tla fumana; kokotang, mme le tla bulelwa.

Temana ya Bibele ya lehono

Ke se ke o laetse: Tsoha molota, o be sebete! O se ke wa tshaba, kapa wa nyahama pelo, hobane Morena Modimo wa hao, o na le wena hohle moo o yang teng.

Amogela Temana ya Bibele ya Letšatši ka Letšatši:

Tsebišo ya letšatši ka letšatšiEmeileFacebookAndroid-appWeposaeteng ya gago

Temana ya Bibele ya go se kgethwe ka maikemišetšo

Motswalle, ke rapela hore o phele hantle, mme o atlehe dinthong tsohle, jwalokaha o atlehile ho tsa moya.Temana ya go latela!

Thekga DailyVerses.net

Nthuse ho phatlalatsa Lentsoe la Molimo:
Neela