- Le a lakatsa, empa ha le fumane. Le a bolaya, le na le mohono, empa ha le atlehe. Le a qabana, le a lwana; ha le fumane letho, hobane ha le kope ho Modimo.
- Ka mokgwa o jwalo Moya o re thusa bofokoding ba rona, hobane ha re tsebe ho rapela ka mokgwa o tshwanelang, empa Moya ka bowona o re rapella ka mefehelo e ke keng ya bolelwa.
- Hoseng o utlwa sello sa ka;
hoseng ke lokisa sehlabelo,
mme ke lebella karabelo ya hao. - Motsheare Morena o tla ntshitsa,
a ntshitse ka mohau wa hae;
bosiu ke tla mminela,
ke rapele Modimo ya mphedisang. - Motswalle, ke rapela hore o phele hantle, mme o atlehe dinthong tsohle, jwalokaha o atlehile ho tsa moya.
- Morena, ako utlwe thapelo ya ka,
o sekehele thapedi ya ka tsebe;
o nkarabe
ka baka la botshepehi ba hao,
le ka baka la ho loka ha hao. - Fadimehang, mme le rapele, hore le se kene molekong; moya o mafolofolo, empa mmele o a fokola.
- Ha ke ne ke patisitswe,
ka ipiletsa ho Morena;
Morena a nkarabela, a ntokolla. - Ke tseba hore, ka dithapello tsa lona le ka thuso ya Moya wa Jesu Kreste, qetello ya tsena tsohle e tla ba pholoho ya ka.
- Hobane mahlo a Morena
a tadima ba lokileng,
le ditsebe tsa hae
di mamela thapelo tsa bona;
sefahleho sa hae se sosobane
se sosobanetse ba etsang bobe. - Yaba re itima dijo, re rapela Modimo wa rona, mme a re utlwa.
- Ako kgahlwe ke mantswe
a tswang molomong wa ka,
le ke menahano e ka pelong ya ka,
wena Morena, lefika la ka,
le molopolli wa ka. - Ha ho le jwalo, lona rapelang tjena:
“Ntata rona ya mahodimong,
lebitso la hao le halaletswe;
Mmuso wa hao o tle;
thato ya hao e etswe lefatsheng
jwaloka lehodimong.” - Na hara lona ho teng ya kulang? A ke a bitse baholo ba kereke, hore ba tle ba mo tlotse ka ole ba ntse ba mo rapella ka lebitso la Morena. Thapelo e etswang ka tumelo e tla fodisa mobabi, mme o tla tsoswa diphateng ke Morena. Ha a entse dibe, o tla di tshwarelwa.
- Motho wa batho
ha a ipiletsa ho Morena,
Morena o a mo utlwa,
o mo pholosa
matshwenyehong wohle a hae. - Ha le ema ho etsa thapelo, eba le na le disuwa le motho, le mo tshwarele, e le hore Ntata lona ya mahodimong le yena a tle a le tshwarele diphoso tsa lona.
- Ha ho le jwalo, ha lona ba kgopo le tseba ho fa bana ba lona dimpho tse molemo, Ntate ya lehodimong o tla fana haholo hakaakang ka Moya o Halalelang ho ba mo kopang!
- Mme mang le mang
ya tla rapela Morena
o tla pholoswa! - Ka baka leo, Petrose a bolokwa tjhakaneng, empa kereke e ne e mo rapella ho Modimo e tiile.
- Hoba Jobo a rapelle metswalle ya hae, Morena a boela a mo atlehisa. Tsohle tseo a neng a ena le tsona Morena a mmuseletsa tsona habedi.
- Ha ba qetile ho rapela, sebaka seo ba neng ba kopanetse ho sona sa reketla, mme bohle ba tlala Moya o Halalelang, ba bolela lentswe la Modimo ka sebete.
- Kgutla, o yo bolella Hesekiya, moetapele wa setjhaba sa ka, o re ho yena: ‘Morena Modimo wa ntataomoholo, Davida, o bua tjena: Ke utlwile thapelo ya hao, mme ke bone meokgo ya hao. Bona, ke tla o fodisa. Ka letsatsi la boraro o tle o nyolohele ka Tempeleng ya Morena.’
- Empa nna ke re ho lona: Ratang dira tsa lona, le rapelle ba le hlorisang.
- Wena Modimo
wa baholoholo ba heso,
ke a o leboha, ke bile ke a o tlotla,
wena ya nneileng bohlale le matla,
wa ntshenolela
seo re se kopileng ho wena,
wa re senolela
seo kgosi e se batlang. - Thusa, Morena! Oho, Modimo,
itokisetse ho otla;
o se ke wa lebala bahlophehi.
Dihlogotaba tša go tswalana
Go theeletša
Bana beso ba ratehang...
Go direla/hlankela
Oho, Morena, ke wena...
Moya wa Modimo
Morena ke Moya, mme...
Go bolela
Leleme le ka phedisa...
Jesu
Jesu a ba tadima...
Ntate
Jwalokaha ntata bana a...
Temana ya Bibele ya lehono
Le se ke la sebeletsa dijo tse senyehang, empa le sebeletse dijo tse hlolang ho isa bophelong bo sa feleng, tseo Mora Motho a tla le nea tsona, hobane Modimo Ntate o mo neile matla.Amogela Temana ya Bibele ya Letšatši ka Letšatši:
Tsebišo ya letšatši ka letšatšiEmeileFacebookAndroid-appWeposaeteng ya gagoTemana ya Bibele ya go se kgethwe ka maikemišetšo
Morena Modimo wa hao,o na le wena,
ke senatlahadi se tla o lwanela.
O tla o thabela ka nyakallo,
a o rate ka lerato la sebele,
a howeletse,
a o hlabele medidietsane,
a e hlabe
sa mohla tsatsi la mokete.Temana ya go latela!