- Ntjapedi ha e hlolwe ke sebata,
thapo e kgwele di tharo
e dieha ho kgaoha. - Ha e mong a ewa,
e mong o a mo tsosa;
ho madimabe ya wang
ho se na mothusi! - Ba babedi ba feta ya mong,
moputso wa bona o a hlamatseha. - Se ke wa re:
“Ke hobaneng ha tshiu tsa kgale
di bile molemo ho feta tsa kajeno?”
Ho botsa potso ena
ke ho hloka bohlale. - Ya ratang tjhelete
ha e ke be e mo lekane,
ya ratang leruo
kamehla o a le halala;
hona le hona e sa le lefeela. - Dintho tsohle
di beetswe dinako tsa tsona,
nako tsa ho etsa tsohle
mona lefatsheng. - Jwalokaha tsela ya moya
o sa e tsebe,
kapa popeho ya ngwana
ka popelong,
o ke ke wa tseba
mesebetsi ya Modimo,
e leng yena ya entseng tsohle. - Kahoo fedisa matshwenyeho
a pelo ya hao,
o hlohlolle tsietsi tsa mmele wa hao,
hoba bongwana le botjha
ke mafeelafeelane. - Mohla tsatsi la thabo
nyakalla le wena,
mohla tsatsi la mahlonoko
ako hopole sena:
Matsatsi ana, bobedi,
a entswe ke Modimo;
kahoo tsa kamoso
motho a ke ke a di tseba. - Eya, o itjelle dijo ka thabo,
o inwelle veine o nyakaletse,
hoba Modimo o sa kgahlisitswe
ke ketso tsa hao.
Dihlogotaba tša go tswalana
Bophelo
Morena o tla o...
Mošomo
Sohle seo le se...
Lethabo
Thabang kamehla, se phetseng...
Mahumo a lefase
Ha re a ka...
Dijo
O ile a tima...
Ditswalano
Ntjapedi ha e hlolwe...
Temana ya Bibele ya lehono
“Ke nna Alfa le Omega,” ho rialo Morena Modimo, ya leng teng, ya bileng teng, ya tlang ho tla, ya matla wohle.Amogela Temana ya Bibele ya Letšatši ka Letšatši:
Tsebišo ya letšatši ka letšatšiEmeileAndroidWeposaeteng ya gagoTemana ya Bibele ya go se kgethwe ka maikemišetšo
Ebang sebete, le tiye dipelo,lona bohle ba tshepileng Morena.Temana ya go latela!
