A re hlokomelaneng, mme re kgothaletsaneng leratong le mesebetsing e metle. Re se ke ra furalla diphutheho tsa rona, jwalokaha ba bang ba tlwaetse. Empa re kgothatsane, haholoholo kaha le a bona hore Letsatsi la Morena le ntse le atamela.
Mangolo wohle a ngotswe ka tshusumetso ya Moya wa Modimo, mme a na le thuso ya ho ruta, ya ho nyatsa, ya ho busetsa batho tseleng ya ho loka le ho ba tsamaisa ho yona, hore motho wa Modimo a tle a phethehe, a kwetlisetswe mesebetsi yohle e lokileng.
O se ke wa tshaba, hobane ke na le wena, o se tsielehe, hobane ke Modimo wa hao. Ke tla o matlafatsa, ke be ke o thuse, ke o tshehetse ka tsoho la ka le letona, ka tsoho le letona le etsang ho loka.
Tshepa Morena ka pelo ya hao yohle, o se ke wa tshepa bohlale ba hao. Kenya Morena mererong ya hao, mo kenye ho yona yohle, tsela tsa hao a tla di otlolle.
Ho fihlela boqhekung ba lona ha ke eso fetohe, ke tla nne ke le pepe ho fihlela le eba bo-raputswe. Ke nna ya le bopileng, mme ke tla nne ke le sike, ke tla nne ke le pepe, ke le namolele.
Ka mokgwa o jwalo Moya o re thusa bofokoding ba rona, hobane ha re tsebe ho rapela ka mokgwa o tshwanelang, empa Moya ka bowona o re rapella ka mefehelo e ke keng ya bolelwa.
Bomodimo bohle, ka ho tlala ha bona, bo ahile ho yena, bothong ba hae. Ka yena, eo e leng hlooho ya meya yohle e busang, le e okamelang, le neilwe bophelo ka ho tlala.
Wena o mang o ahlolang mohlanka eo e seng wa hao? Ho tiisetsa kapa ho wa ha hae, ke taba ya monga hae. O tla fela a tiisetse, hobane Morena o na le matla a ho mo tiisa.
Ke se ke o laetse: Tsoha molota, o be sebete! O se ke wa tshaba, kapa wa nyahama pelo, hobane Morena Modimo wa hao, o na le wena hohle moo o yang teng.
Etsa hore ke tsebe mohau wa hao, ke o tsebe e sa le hoseng, hobane ke o tshepile; mpontshe tsela eo nka tsamayang ka yona, hobane ke o rapela ka moya wa ka wohle.