DailyVerses.netDihlogotabaTemana ya go se kgethwe ka maikemišetšoIngwadiše

Dijo (2/2)

  • Ke a tseba hore ha ho letho le molemo ho motho, haese feela ho ithabisa le ho etsa tse ntle ha a sa ntsane a phela. Ha motho ka mong a eja, a enwa, a fumane tse molemo ka mesebetsi ya hae, hoo ke mpho ya Modimo.
  • “Dinthong tsohle tsa lona tlisang karolo e le nngwe ho tse leshome, e le hore dijo di tle di be teng ka Tempeleng ya ka. E, le ke le nteke jwalo,” ho rialo Morena wa mabotho, “le tle le bone hore na nke ke ka le bulela mehlodi ya didiba tsa lehodimo, ka le tshollela mahlohonolo a mangatangata.”
  • Suthisetsa bolotsana le mashano
    hole le nna,
    o se ke wa nthuisa
    kapa wa mphutsanehisa,
    o mphepe ka dijo tse ntekaneng.
  • Le re: “Tsohle di dumeletswe,” empa hase ho re tsohle di na le molemo. E, tsohle di dumeletswe, empa hase ho re tsohle di na le thuso.
  • Yaba ke bona hore ho molemo, ho bile ho lokile hore ka matsatsi a seng makae a bophelo, ao Modimo a mo neileng wona, motho a je, a nwe, a ithabise ka tsohle tsa mosebetsi wa matsoho a hae mona lefatsheng, hobane hoo ke yona kabelo ya hae.
  • Le se ke la itshwenya ka bophelo ba lona, hore na le tla jang, leha e le ka mmele ya lona, hore na le tla aparang, hobane bophelo bo feta dijo, le mmele o feta diaparo.
  • Ke tseba hore na ho kolla ntsi hanong ke eng; ke tseba le hore na ho hafa ka nkatana ke eng. Dinthong tsohle, ka mekgwa yohle, ke ithutile ho phela ka ho kgora le ka ho lapa, ka nala le ka bohloki.
  • Ka letsatsi la ho qetela, e leng le leholo la mokete, Jesu a ema, a howa, a re: “Ha motho a nyorilwe, a tle ho nna, a nwe.”
  • Hape ke mpho ya Modimo ho motho ka mong eo Modimo a mo fileng leruo le matlotlo le matla hore a ithabise ka wona, mme o lokela ho amohela kabelo eo ya hae, a ithabise ka tsa mosebetsi wa matsoho a hae.
  • A araba, a re: “Ya nang le diaparo tse pedi a fe ya se nang letho, le ya nang le dijo a etse jwalo.”
  • Lemohang makgwaba: Ha a jale, ha a kotule, ha a na ntlo ya polokelo, leha e le sesiu, empa Modimo o a a fepa. Lona le feta dinonyana hakaakang!
  • A re ho bona: “Na le lona le hloka kutlwisiso? Na ha le elellwe hore ntho e nngwe le e nngwe e tswang kantle ha e kena ka ho motho e sitwa ho mo silafatsa, hobane ha e kene ka pelong ya hae, empa e kena ka maleng, e nto tswela mohlabeng?” Ka ho rialo a bolela ho hlweka ha dijo tsohle.
  • Jwalokaha Ntate ya phelang a nthomile, mme ke phela ka Ntate, le ya ntjang o tla phela ka nna.
  • Johanne o ne a apara seaparo se entsweng ka boya ba kamele, a itlama ka leqhama la letlalo thekeng; dijo tsa hae e ne e le ditsie le mahe a dinotshi tsa naha.
  • Fate tsa morara di se di omeletse,
    fate tsa feiye tsona di ponne,
    fate tsa kgarenate,
    tsa palema le tsa diapole:
    Difate tsohle tsa naha di omeletse.
    Ruri batho ba feletswe ke monyaka.
  • Ka ba fepa, ba eja, ba ba ba kgora;
    yare ha ba kgotshe
    ba qala ho ikgohomosa,
    kahoo yaba ba se ba ntebala.

Temana ya Bibele ya lehono

Ha ho e mong ya pholosang ntle ho yena, hobane ha ho na lebitso le leng lesele tlasa letsatsi, le neilweng batho, leo re tshwanelang ho pholoswa ka lona.

Amogela Temana ya Bibele ya Letšatši ka Letšatši:

Tsebišo ya letšatši ka letšatšiEmeileFacebookAndroid-appWeposaeteng ya gago

Temana ya Bibele ya go se kgethwe ka maikemišetšo

Jesu a re ho yena: “O re, ‘haeba o ka etsa!’ Tsohle di ka etsahala ho ya dumelang!”Temana ya go latela!

Thekga DailyVerses.net

Nthuse ho phatlalatsa Lentsoe la Molimo:
Neela