DailyVerses.netDihlogotabaTemana ya go se kgethwe ka maikemišetšoIngwadiše

Ditemana tša Bibele tša go bolela ka Lenyalo

  • Ya inyaletseng mosadi wa sebele
    o lehlohonolo,
    ya jwalo Morena o mo hauhetse.
  • A araba, a re: “Na ha le eso bale hore tshimolohong Mmopi ‘o ile a etsa e motona le e motshehadi?’ Mme a re: ‘Ka baka lena monna o tla tlohela ntatae le mmae, a matahane le mosadi wa hae, mme ba babedi bao ba tla fetoha ntho e le nngwe.’ Kahoo ha ba sa le ba babedi, e se e le ntho e le nngwe. Seo Modimo a se kopantseng se se ke sa arohanngwa ke motho.”
  • Lona basadi, ikokobeletseng banna ba lona jwalokaha e le tshwanelo, ka baka la Morena.
    Lona banna, ratang basadi ba lona, mme le se ke la ba hlonamela.
  • Bohle ba hlomphe lenyalo, mme dikano tsa lona di bolokwe ka botshepehi. Modimo o tla ahlola dihlola le difebe.
  • Mosadi ya kgabane
    a ka fumanwa ke mang?
    Bohlokwa ba hae
    bo feta le mabenyane a bohlokwa!
  • Le lona banna, ratang basadi ba lona, jwalokaha le Kreste a ratile kereke, mme a e teletse bophelo ba hae. O ratile ho e halaletsa, ka ho e hlwekisa ka tlhatsuo ya metsi, le ka lentswe.
  • Motho o itherela tsela ya hae,
    empa ke Morena ya mo tataisang.
  • Empa ka baka la ho tshaba bohlola, monna ka mong a be le mosadi eo e leng wa hae, le mosadi ka mong a be le monna eo e leng wa hae.
  • Jwale Morena Modimo a re: “Hase hantle hore motho a be inotshi; ke tla mo etsetsa molekane ya mo thusang.”
  • Ha monna a qeta ho nyala, a se ke a tswa le bahlabani ha ba futuha; hape a se ke a laelwa ho etsa mosebetsi ofe kapa ofe. O tla lokollwa hore a qete selemo a le lapeng la hae, a ithabise le mosadi wa hae, eo a tswa mo nyala.
  • Ka lehopo leo Morena Modimo a le ntshitseng ho motho, a bopa mosadi, a mo tlisa ho motho.
    Yaba motho o re:

    “Enwa ke lesapo la masapo a ka,
    le nama ya nama ya ka;
    o tla bitswa Mosadi,
    hobane a ntshitswe ho Monna.”

    Ka baka lena, monna o tla tlohela ntatae le mmae, a matahane le mosadi wa hae, mme ba tla fetoha ntho e le nngwe.
  • Moratuwa,
    botle ba hao bo phethehile,
    botle ba hao bo hloka sekodi.
  • Lona basadi, ikokobeletseng banna ba lona, jwalokaha le ikokobeletsa Morena, hobane monna ke hlooho ya mosadi, jwalokaha le Kreste e le hlooho ya Kereke. Ke yena mopholosi wa mmele, e leng kereke.
  • Monna a phethe tshwanelo ya hae ho mosadi wa hae, mme le mosadi a etse jwalo ho monna wa hae. Mosadi ha a na matla hodima mmele wa hae; ya nang le matla hodima wona ke monna wa hae. Ka mokgwa o jwalo, le monna ha a na matla hodima mmele wa hae; ya nang le matla hodima wona ke mosadi wa hae.
  • Le lona banna, le phedisane le basadi ba lona, le ntse le tseba hore ba fokola ho le feta. Le ba hlomphe hobane le bona, hammoho le lona, ke majalefa a bophelo boo Modimo a le neang bona. Etsang hona e le hore dithapelo tsa lona di tle di se ke tsa sitiswa.
  • Ka baka lena, monna o tla tlohela ntatae le mmae, a matahane le mosadi wa hae, mme ba babedi bao ba tla fetoha ntho e le nngwe.
  • Le banna ba tshwanetse ho rata basadi ba bona jwalo, jwaloka mmele ya bona hantle. Ya ratang mosadi wa hae o a ithata.
  • Le se ke la timana, haese ka tumellano, ka nakwana, e le hore le iphe nako ya ho rapela. Kamora moo le boele le kopane, esere Satane a le leka ka baka la ho hloka boitshwaro ha lona.
  • Ha ho le jwalo, e mong le e mong wa lona a rate mosadi wa hae jwalokaha a ithata; mosadi le yena a homphe monna wa hae.
  • Le utlwile hore ho ile ha thwe: ‘O se ke wa feba.’ Empa nna ke re ho lona: Mang kapa mang ya tadimang mosadi ka ho mo lakatsa o se a mo febile pelong ya hae.
  • Ke tla thabela Morena
    ka pelo ya ka yohle,
    moya wa ka
    o thabele Modimo wa ka haholo,
    hobane o nkapesitse kobo
    ya ho pholoswa,
    a nkwahela ka seaparo sa ho loka,
    jwalokaha monyadi
    a ikgabisa ka moqhaka,
    a ikgabisa
    jwaloka moprista a ikgabisa,
    monyaduwa a tlatlapela
    mabenyane a hae.
  • Empa ho tloha tshimolohong ya tlholeho Modimo o ile a etsa e motona le e motshehadi; ka baka lena monna o tla tlohela ntatae le mmae a matahane le mosadi wa hae, mme ba babedi bao ba tla fetoha ntho e le nngwe; kahoo ha ba sa le babedi, empa e se e le ntho e le nngwe. Seo Modimo a se kopantseng se se ke sa arohanngwa ke motho.

Temana ya Bibele ya lehono

Ha ke re o dumela hore Modimo o mong feela? O etsa hantle; le bona bademona ba dumela jwalo, mme ba a thothomela.

Amogela Temana ya Bibele ya Letšatši ka Letšatši:

Tsebišo ya letšatši ka letšatšiEmeileFacebookAndroid-appWeposaeteng ya gago

Temana ya Bibele ya go se kgethwe ka maikemišetšo

Tshabo ha e yo leratong, empa lerato le phethehileng le qhala tshabo, hobane tshabo e tsamaya le kotlo. Ya nang le tshabo ha a a phetheha leratong.Temana ya go latela!

Thekga DailyVerses.net

Nthuse ho phatlalatsa Lentsoe la Molimo:
Neela