- Ho lehlohonolo
 ba metsamao e se nang kodi,
 ba tsamayang ka Molao wa Morena.
- Ho lehlohonolo
 ba latelang ditemoso tsa hae,
 ba mmatlang
 ka pelo tsohle tsa bona.
- Ke tla o boka ka pelo e hlwekileng,
 ha ke se ke ithutile
 dikahlolo tsa hao tse lokileng.
- Mohlankana a ka hlwekisa
 metsamao ya hae jwang?
 Ka ho hahela lentswe la hao lesaka.
- Ke o batla ka pelo ya ka yohle;
 se ntumelle ho kgeloha,
 ho kgeloha melao ya hao.
- Ke bolokile tshepiso ya hao,
 ka e boloka ka pelong ya ka,
 hore ke se ke ka o sitelwa.
- Ke thabela
 ho latela ditemoso tsa hao,
 ho feta maruo wohle.
- Ke ikgethetse tsela ya nnete,
 dikahlolo tsa hao ke di hlokometse.
- Ruta pelo ya ka ditemoso tsa hao,
 ho ena le ho rata maruo.
- Ke tla phela ka bolokolohi,
 hobane ke thahasella ditaelo tsa hao.
- Ke ile ka potlaka, ka se ke ka dieha
 ho boloka melao ya hao.
- Nke ke ka lebala
 ditaelo tsa hao le ka mohla,
 hobane ke ka tsona
 o nneang bophelo.
- Lentswe la hao
 ke lebone maotong a ka,
 ke lesedi tseleng ya ka.
- Ditemoso tsa hao
 ke lefa la ka la mehla yohle,
 ke thabo ya pelo ya ka.
- O setshabelo sa ka le thebe ya ka,
 ke tshepile lentswe la hao.
- Qaqiso ya mantswe a hao e a edisa,
 ba hlokang mano
 e ba nea kutlwisiso.
- Matlafatsa mehato ya ka
 ho ya ka tshepiso ya hao,
 o se dumelle hore ke buswe ke bobe.
- Nnete ke moko wa lentswe la hao,
 dikahlolo tsohle tsa hao
 ke tse lokileng, ke tsa mehla yohle.
- Ba ratang Molao wa hao
 ba na le kgotso e phethehileng,
 ha ho na se ka ba kgopang.
Dihlogotaba tša go tswalana
Molao
Mantswe ana ao ke...
Pelo
Baballa pelo ya hao...
Lentšu la Modimo
Mangolo wohle a ngotswe...
Boloki
Ya thahasellang ho loka...
Bophelo
Morena o tla o...
Go nyaka
Le tla mpatla, mme...
Temana ya Bibele ya lehono
Bo kahodimo ho tsohle,iphumanele bona,
ka tsohle tseo o nang le tsona,
o bo reke, o iphumanele kutlwisiso.
