DailyVerses.netDihlogotabaTemana ya go se kgethwe ka maikemišetšoIngwadiše

Maatla (2/2)

  • Hase ka sabole ba hapileng naha eo,
    leha e le ho hlola
    ka matsoho a bona;
    empa e bile
    ka tsoho la hao le letona,
    le ka sefea sa hao,
    le ka ho ba phuthollela
    fahleho sa hao,
    hobane o ne o ba rata.
  • Ho tloha tlholehong ya lefatshe, tse sa bonweng tsa hae, ke ho re matla a hae a sa feleng le bomodimo ba hae, haesale di bonwa hantle, mme di utlwisiswa ka tse entsweng ke yena. Kahoo ba hloka boitatolo.
  • Bomodimo bohle, ka ho tlala ha bona, bo ahile ho yena, bothong ba hae. Ka yena, eo e leng hlooho ya meya yohle e busang, le e okamelang, le neilwe bophelo ka ho tlala.
  • Ntjapedi ha e hlolwe ke sebata,
    thapo e kgwele di tharo
    e dieha ho kgaoha.
  • Jwale wena ngwanaka, o matlafale ka mohau wa Kreste Jesu.
  • Maruo le hlompho di tswa ho wena,
    tsohle di buswa ke wena;
    tsoho la hao le matla, le sefea,
    ho phahamisa le ho matlafatsa bohle.
  • Ya Matla wohle
    re ke ke ra mo fihlela,
    o re phahametse ka matla
    le ka dikahlolo,
    a ke ke be a sokamisa toka ya hae.
  • Ya entseng hore tsee di etsahale
    ke mang?
    ya bitsitseng meloko
    ho tloha tshimolohong
    ke mang?
    Ke nna Morena,
    ebile ke nna wa ho qala,
    ke nna Morena
    ya tla ba le ba ho qetela.
  • Matla a hae a bomodimo a re neile dintho tsohle tseo e leng tsa bophelo le tsa borapedi, ka ho re fa tsebo e tletseng ya ya re bitsitseng ka tlotla ya hae le ka matla a hae.
  • Ke hlolohetswe ho le bona, hore ke le abele neo e nngwe ya Moya, le tle le matlafatswe. Hona ke ho re, ha ke le ho lona, re kgothatsane ka tumelo ya rona bohle, nna ka tumelo ya lona, le lona ka ya ka.
  • Empa le tla amohela matla ha Moya o Halalelang o se o theohetse hodima lona. Le tla ba dipaki tsa ka Jerusalema, le Judea yohle, le Samaria, le ho ya fihla dipheletsong tsa lefatshe.
  • Ke tla matlafatsa ba ntlo ya Juda,
    ba ntlo ya Josefa ke ba pholose.
    Ke tla ba kgutlisetsa ha habo bona,
    hobane ke ba utlwela bohloko.
    Ba tla ka bao ke ne ke eso ba lahle,
    hobane nna ke Morena,
    Morena Modimo wa bona,
    ke tla amohela thapelo tsa bona.
  • Lengeloi la mo araba, la re: “Moya o Halalelang o tla theohela ho wena, matla a Ya Hodimodimo a be hodima hao; ka baka leo, eo o tla mo tswala o tla bitswa ya Halalelang, Mora wa Modimo.”
  • Mme ‘ho mo rata ka pelo yohle, le ka kelello yohle, le ka matla wohle, le ho rata mohahabo rona jwalokaha re ithata,’ ho feta ditjheso tsohle le mahlabelo wohle.

Temana ya Bibele ya lehono

Hlokomelang baporofeta ba bohata, ba tlang ho lona ba ikgakantse eka ke dinku, empa kahare e le diphiri tse harolakang.

Amogela Temana ya Bibele ya Letšatši ka Letšatši:

Tsebišo ya letšatši ka letšatšiEmeileFacebookAndroid-appWeposaeteng ya gago

Temana ya Bibele ya go se kgethwe ka maikemišetšo

Ha ho e mong ya pholosang ntle ho yena, hobane ha ho na lebitso le leng lesele tlasa letsatsi, le neilweng batho, leo re tshwanelang ho pholoswa ka lona.Temana ya go latela!

Thekga DailyVerses.net

Nthuse ho phatlalatsa Lentsoe la Molimo:
Neela