Ha le tsamaya ho ya ka ditaelo tsa ka, le boloka melao ya ka, le e phetha, ke tla le nesetsa pula ka nako ya yona, mme masimo a tla ba le tjhai, le difate tsa naha di behe ditholwana tsa tsona.
Feela ho ke ho tsejwe hore molao ha o a etsetswa ba lokileng, empa o etseditswe ba sa lokang le ditlokotsebe, ba kgopo le baetsadibe, ba sa halaleleng le ba sebeletsang lefatshe, ba bolayang bo-ntata bona le bo-mma bona, ba bolayang batho, dihlola, ba janang maotwana, ba rekisang makgoba, ba leshano, ba ikanang ka leshano, le bohle ba etsang eng kapa eng e fapaneng le thuto ya nnete. Thuto ena ke e dumellanang le molaetsa o molemo oo ke o tshepetsweng, o tswang ho Modimo ya tlotlehang, ya lehlohonolo.
O se ke wa lakatsa hore ntlo ya motho e mong e be ya hao. O se ke wa lakatsa mosadi wa hae, kapa mohlanka wa hae, kapa lekgabunyane la hae, kapa pholo ya hae, kapa tonki ya hae, kapa ntho e nngwe le e nngwe eo e leng ya motho e mong.
Morena o ile a re laela hore re phethe melao ena yohle, re tshabe Morena Modimo wa rona, e le hore re tle re atlehe kamehla, re phele jwalokaha re phela kajeno.
Ha letsatsi la Pentekonta le fihla, bohle ba ne ba phuthehetse sebakeng se le seng. Hanghang ha eba le modumo o tswang lehodimong, o kang wa moya o matla, mme wa tlala ntlo yohle eo ba neng ba dutse ka ho yona.