- Ke a tseba:
Mopholosi wa ka o a phela,
qetellong o tla ema a mpakele. - Ya nyahameng pelo
eka kgona a hauhelwe, ke metswalle,
leha eba a sa tshabe Ya Matla wohle. - Taelo tse tswang molomong wa hae
ha ke a di kgeloha,
ka pelong ya ka
ke bolokile polelo tsa hae. - Ya Matla wohle
re ke ke ra mo fihlela,
o re phahametse ka matla
le ka dikahlolo,
a ke ke be a sokamisa toka ya hae. - Empa Modimo o tseba
metsamao ya ka;
ha a nteka ke tla tswa
ke hlwekile seka kgauta.
Mehato ya ka
e hodima mehato ya hae,
ke tsamaile tseleng ya hae,
ha ke a e kgeloha. - Yaba Jobo o a ema, o hahola seaparo sa hae, o beola hlooho ya hae, o itahlela fatshe ho rapela,
o re:
“Ke tswetswe ke mme ke le feela,
ke tla ya lebitleng
ke ntse ke le feela.
Morena o na fane,
Morena o amohile,
ho ke ho roriswe lebitso la hae.” - Morena a re ho Satane: “Ho lokile; tsohle tseo a di ruileng di matsohong a hao; feela yena o se ke wa mo ama ka letsoho la hao.” Yaba Satane o tloha kapele ho Morena.
- Ke entse tumellano
le mahlo a ka,
hore ha a ka ke
a tjhatjhehela kgarebe. - Ho lehlohonolo
eo Modimo a mo tshwayang phoso,
kahoo se nyatse
ha Ya Matla a o kgalema. - Hoba Jobo a rapelle metswalle ya hae, Morena a boela a mo atlehisa. Tsohle tseo a neng a ena le tsona Morena a mmuseletsa tsona habedi.
Dihlogotaba tša go tswalana
Go belaela
Se ngongoreheng ka letho...
Boloki
Ya thahasellang ho loka...
Tlaišego
Ho feta mona, re...
Tšhegofatšo
Morena a le hlohonolofatse...
Mophološi
Seo lerato le leng...
Phološo
Ha ho e mong...
Temana ya Bibele ya lehono
Ka baka leo, ikokobeletseng Modimo. Lwantshang Diabolosi, mme o tla le baleha.Amogela Temana ya Bibele ya Letšatši ka Letšatši:
Tsebišo ya letšatši ka letšatšiEmeileAndroidWeposaeteng ya gagoTemana ya Bibele ya go se kgethwe ka maikemišetšo
Leha mmele wa kale pelo ya ka di ka fela,
Modimo ke lefika la ka
le kabelo ya ka kamehla.Temana ya go latela!
