Ho madimabe ya tsekisanang le Mmopi wa hae, yena e leng lengetana hara mangetana! Na letsopa le ka re ho sebopi sa lona: ‘O etsang?’ Na mosebetsi wa hao o ka re: ‘Ha o na tsebo’?
Jwale nna Nebukadenesare, ke rorisa Kgosi ya Lehodimo, ke a e phafa, ke a e tlotlisa, hobane mesebetsi yohle ya yona e nepahetse, le ditsela tsa yona di lokile, mme ba ikgohomosang e a ba kokobetsa.
Ha le itima dijo, le se ke la itlhonamisa jwaloka baikaketsi; ba sosobanya difahleho, hore ba bonahale ho batho hore ba itima dijo. Kannete ke a le bolella, ba se ba amohetse moputso wa bona.
Empa ha ho na ho ba jwalo ho lona; ya batlang ho ba e moholo hara lona; e tla ba mosebeletsi wa lona, mme ya batlang ho ba wa pele hara lona, e tla ba mohlanka wa lona.
Ngwanabo rona ya eisehang a be motlotlo ha a phahamisetswa bodumeding. Ya ruileng le yena a be motlotlo ha a eiswa ka ho ba modumedi, hobane o tla fela jwaloka palesa ya jwang.
Yena eo matla a hae, ka ho sebetsa ka ho rona, a ka etsang tse fetang hole tseo re ka di kopang kapa tseo re ka di hopolang, a ke a tlotliswe kerekeng le ho Kreste Jesu, kamehla le mehla, ka mengwaha le mengwaha. A ho be jwalo!
Ha ho le jwalo, lona rapelang tjena: “Ntata rona ya mahodimong, lebitso la hao le halaletswe; Mmuso wa hao o tle; thato ya hao e etswe lefatsheng jwaloka lehodimong.”
Wena Moradi wa Sione nyakalla haholo! Wena Moradi wa Jerusalema etsa ditlatse! Bona! Kgosi ya hao e tla ho wena; e lokile, e tlisa topollo, e ikokobeditse, e palame tonki, e palame petsana ya tonki.
Lona ba ikokobetsang ba lefatshe, lona ba mamelang taelo ya Morena, batlang Morena, le mmatlisise. Batlang ho loka, le batle boikokobetso; mohlomong le ka sireletseha mohla tsatsi la kgalefo ya Morena.
Etsa hore ke tsebe mohau wa hao, ke o tsebe e sa le hoseng, hobane ke o tshepile; mpontshe tsela eo nka tsamayang ka yona, hobane ke o rapela ka moya wa ka wohle.