DailyVerses.netDihlogotabaTemana ya go se kgethwe ka maikemišetšoIngwadiše

JEREMIA

  • ‘Ke tseba merero eo ke le reretseng yona,’ ho rialo Morena, ‘merero e metle e seng e mebe, merero ya ho le nea tshepo le bophelo ba kamoso.’
  • Ho lehlohonolo motho
    ya itshepetseng Morena,
    eo tshepo ya hae
    e leng yena Morena.
    O tla tshwana le sefate
    se lemilweng pela metsi,
    seo metso ya sona
    e namelang pela molatswana.
    Ha se ke se tshoswa
    ke ho fihla ha lebatama,
    mahlaku a sona
    a matalana kamehla,
    ka nako ya komello
    ha se ke se tshwenyeha,
    kamehla se beha
    ditholwana tsa sona.
  • Ka nako eo le tla ipiletsa ho nna, le nthapele, mme nna ke tla le mamela.
  • Ipiletse ho nna, mme ke tla o araba, ke o bolelle dintho tse kgolo, tse matla, tseo wena o sa di tsebeng.
  • Le tla mpatla, mme le mphumane, haeba le mpatla ka dipelo tsa lona tsohle.
  • Bona mona, ke nna Morena Modimo wa batho bohle; na ho teng se ka ntshitang?
  • Mphodise, Morena,
    mme ke tla fola,
    mpholose, Morena,
    mme ke tla pholoha,
    hobane ke wena eo ke mo rorisang.
  • Oho, Morena Modimo, o entse lehodimo le lefatshe ka matla a hao a maholo, le ka letsoho la hao le otlolohileng, mme ha ho letho le ka o sitang.
  • Pelo e tletse mano
    ho feta dintho tsohle,
    e senyehile
    hoo e ke keng ya phekolwa,
    ke mang ya ka e utlwisisang?
    “Ke nna Morena ya lekolang dipelo,
    mohopolo le wona o lekolwa ke nna.
    Ke putsa motho
    ho ya ka diketso tsa hae,
    ho latela tholwana
    tsa mesebetsi ya hae.”
  • “Na motho a ka ipata
    dikgotjheletsaneng,
    a ipata teng, yaba ha ke mmone?”
    ho rialo Morena.
    “Na ha ke fumanwe
    lehodimong le lefatsheng?”
    ho rialo Morena.

Temana ya Bibele ya lehono

Ha ho le jwalo, lona rapelang tjena:
“Ntata rona ya mahodimong,
lebitso la hao le halaletswe;
Mmuso wa hao o tle;
thato ya hao e etswe lefatsheng
jwaloka lehodimong.”

Temana ya Bibele ya go se kgethwe ka maikemišetšo

“Na mosadi a ka lebala lesea
leo a le anyesang,
a se ka hauhela ngwana
wa popelo ya hae?
Leha yena a ka lebala,
nna ha nka ke ka o lebala!”
Bona! ke ngotse bitso la hao
kahara diatla tsa ka,
marako a hao
ke ntse ke a bona kamehla.
Temana ya go latela!

Thekga DailyVerses.net

Nthuse ho phatlalatsa Lentsoe la Molimo:
Neela