- Mang kapa mang ya buang se lwantshang Mora Motho o tla tshwarelwa, empa mang kapa mang ya buang se lwantshang Moya o Halalelang, a ke ke a tshwarelwa mehleng ena, leha e le mehleng e tlang.
- Jesu a re ho yena: “O se ke wa ntshwara, hobane ha ke eso nyolohele ho Ntate, empa eya ho bana beso, mme o ba bolelle, o re: ‘Ke nyolohela ho Ntate, le Ntata lona, Modimo wa ka, le Modimo wa lona!’ ”
- Yare hoba Morena Jesu a bue le barutuwa, a nkelwa lehodimong, a dula letsohong le letona la Modimo.
- A bitsa letshwele le barutuwa ba hae, a re ho bona: “Haeba motho a rata ho ntatela, a itele, a jare sefapano sa hae, mme a ntatele.”
- Jesu a re ho bona hape: “Kgotso e be le lona; jwalokaha Ntate a nthomile, le nna ke a le roma.”
- Efela bohle ba ratang ho phela ho Kreste Jesu ka borapedi, ba tla hloriswa.
- Empa jwale, kaha le le ho Kreste Jesu, lona bao pele le neng le le hole, le atameditswe ka madi a Kreste.
- Hobane ha motho a le ho Kreste, lebollo kapa boqai hase letho, empa tabataba ke tumelo e sebetsang ka lerato.
- A re ho bona: “Ntshaleng morao, mme ke tla le etsa batshwasi ba batho.”
- Ha ho pelaelo, sephiri sa tumelo ya rona se seholo:
“Kreste o ile a hlaha e le motho,
a pakwa ke Moya hore o lokile,
mme a bonwa ke mangeloi.
A phatlalatswa hara baditjhaba,
a dumelwa ke lefatshe lohle,
mme a nkelwa tlotleng.” - Ke entse jwalo hore dipelo tsa bona di tshedisehe, di kopane mmoho ka lerato, ba tle ba rue tsebo e tletseng, e tlisang kutlwisiso ya sephiri sa Modimo, e leng Kreste.
- Empa yena a re ho bona: “Se makaleng! Le batla Jesu wa Nasaretha ya thakgisitsweng: O tsohile, ha a yo mona. Bonang sebaka seo a neng a beilwe ho sona ke sena.”
- Ha e le lona, baratuwa, ikaheng hodima motheo wa tumelo ya lona, e halalelang haholo, le ntse le rapela ka thuso ya Moya o Halalelang. Ipolokeng leratong la Modimo, le ntse le lebeletse hore mohau wa Morena wa rona Jesu Kreste o le ise bophelong bo sa feleng.
- O phahamisitswe ka letsoho le letona la Modimo, a amohela Moya o Halalelang jwalokaha Ntatae a ne a tshepisitse. A o theola kamoo le bonang, mme le utlwang kateng.
- Erekaha lefu le hlahile ka motho, le tsoho ya bafu e hlaha ka motho.
- Jwale Jesu a ba isa kantle ho motse, a ya le bona ho ya fihla Bethania, a phahamisa matsoho, a ba hlohonolofatsa. Eitse ha a ntse a ba hlohonolofatsa, a tloha ho bona, a nyollelwa lehodimong.
- Jesu a ba araba, a re: “Thuto ya ka hase ya ka, empa ke ya ya nthomileng.”
- A nka bohobe, a leboha, a bo ngwatha, a ba nea bona, a re: “Hona ke mmele wa ka o fanwang ka baka la lona; etsang hona hore le tle le nkgopole.”
- Le se ke la nahana hore ke tlile ho fedisa Molao kapa Baporofeta; ha ke a tla ho di fedisa, ke mpa ke tlile ho di phethahatsa.
- O re ntshitse matleng a lefifi, a re fetisetsa mmusong wa Mora wa hae ya ratehang, eo ka yena re fumanang topollo le tshwarelo ya dibe.
- Lengeloi la mo araba, la re: “Moya o Halalelang o tla theohela ho wena, matla a Ya Hodimodimo a be hodima hao; ka baka leo, eo o tla mo tswala o tla bitswa ya Halalelang, Mora wa Modimo.”
- Jwale ho se be ya ka le ahlolelang tseo le di jang, kapa tseo le di nwang, kapa ho boloka matsatsi a mekete, kapa a ho thwasa ha kgwedi, kapa a Disabatha. Tsena tsohle e ne e le seriti feela sa tse tlang ho tla; hoo e leng ha nnete ke Kreste.
- Ha Mothusi eo ke tla mo romela ho lona a tlile a etswa ho Ntate, Moya wa nnete o tswang ho Ntate, o tla mpaka.
- Kapa o lekanya hore ke sitwa ho rapela Ntate, a nthomelle hona jwale mabotho a mangeloi a fetang leshome le metso e mmedi?
- Abba, Ntate, ha ho letho le ka o sitang: ako tlose senwelo sena pela ka! Empa ho etswe se ratwang ke wena, e seng ke nna!
Dihlogotaba tša go tswalana
Ntate
Jwalokaha ntata bana a...
Phološo
Ha ho e mong...
Papolo
Yena, ka mmele wa...
Tumelo
Ka baka leo, ke...
Lerato
Lerato le na le...
Bophelo
Morena o tla o...
Temana ya Bibele ya lehono
Lena ke lona letsatsile entsweng ke Morena;
a re nyakalleng,
re thabeng ke hona.
Amogela Temana ya Bibele ya Letšatši ka Letšatši:
Tsebišo ya letšatši ka letšatšiEmeileFacebookAndroid-appWeposaeteng ya gagoTemana ya Bibele ya go se kgethwe ka maikemišetšo
Rona re tsebile, ebile re dumetse lerato leo Modimo a nang le lona ho rona.Modimo ke lerato. Ya phelang leratong o phela ka ho Modimo, le Modimo o phela ka ho yena.Temana ya go latela!
