- Ke tla boka Morena ka nako tsohle,
 ke nne ke mo rorise kamehla.
- Ke ile ka batla Morena,
 mme a nkaraba,
 a ntopolla matswalong wohle a ka.
- Motho wa batho
 ha a ipiletsa ho Morena,
 Morena o a mo utlwa,
 o mo pholosa
 matshwenyehong wohle a hae.
- Latswang, le utlwe
 molemo wa Morena!
 Ho lehlohonolo motho
 ya tshabelang ho yena.
- Leha barui ba ka futsaneha, ba lapa,
 ba batlang Morena ba ke ke ba hloka,
 ba ke ke ba hloka letho le molemo.
- Tshwara leleme la hao
 le se bue tse mpe,
 le molomo wa hao
 o se bue leshano.
- Furalla bobe, o etse botle;
 batla kgotso, o e pheelle.
- Morena o beile leihlo la hae
 ho ba lokileng,
 o sekehetse sello sa bona tsebe.
- Sefahleho sa Morena se sosobane,
 se sosobanetse ba etsang bobe,
 hore a ba hlakole lefatsheng,
 ba se hlole ba hopolwa.
- Ha ba lokileng ba lla,
 Morena o a ba utlwa;
 o ba lopolla
 matshwenyehong wohle a bona.
 Morena o haufi
 le ba feletsweng ke tshepo,
 o pholosa ba meya e tetebetseng.
- Mahlomola a ya lokileng a mangata,
 empa Morena o mo lopolla
 ho wona wohle.
- Morena o lopolla bophelo
 ba bahlanka ba hae;
 ho ba tshabelang ho yena,
 ha ho le ya mong ya tla ahlolwa.
Dihlogotaba tša go tswalana
Go theeletša
Bana beso ba ratehang...
Phološo
Ha ho e mong...
Mpe
O se ke wa...
Tšhegofatšo
Morena a le hlohonolofatse...
Go bolela
Leleme le ka phedisa...
Go nyaka
Le tla mpatla, mme...
Temana ya Bibele ya lehono
Bo kahodimo ho tsohle,iphumanele bona,
ka tsohle tseo o nang le tsona,
o bo reke, o iphumanele kutlwisiso.
Amogela Temana ya Bibele ya Letšatši ka Letšatši:
Tsebišo ya letšatši ka letšatšiEmeileFacebookAndroid-appWeposaeteng ya gagoTemana ya Bibele ya go se kgethwe ka maikemišetšo
Boka Morena, wena moya wa ka;botho bohle ba ka
bo boke bitso la hae le halalelang.Temana ya go latela!
