Ha ho e mong ya pholosang ntle ho yena, hobane ha ho na lebitso le leng lesele tlasa letsatsi, le neilweng batho, leo re tshwanelang ho pholoswa ka lona.
Ya re pholositseng, mme ya re bitseditseng hore re halalele, e seng ka baka la mesebetsi ya rona, empa e le ka baka la morero wa hae le mohau wa hae. O re file mohau ona ka Kreste Jesu, mehla e eso be teng.
Kapa na ha le tsebe hore ba kgopo ba ke ke ba eja lefa la Mmuso wa Modimo? Le se ke la ithetsa: dihlola, le basebeletsi ba medimo ya bohata, le difebe, le ba janang maotwana, le mashodu, le ditlofa, le matahwa, le ba ditlhapa, le dinokwane, ba ke ke ba eja lefa la Mmuso wa Modimo.
Mohau wa Modimo, o pholosang batho bohle, o bonahetse. O re ruta ho tela bokgopo le ditakatso tsa lefatshe, re tle re phele re le sedi, re lokile, re ena le borapedi mehleng ya jwale.
Morena ha a diehe ho phethahatsa ditshepiso tsa hae, jwalokaha ba bang ba lekanya hore o a dieha. Empa o a le mamella, hobane ha a rate ha ho ka timela leha a le mong, empa o rata hore bohle ba bake.
Kenang ka kgoro e patisaneng, hobane kgoro e isang timelong e hebehebe, le tsela e yang teng e sephara, mme ba kenang ka yona ba bangata, empa kgoro e isang bophelong e patisane, le tsela e yang teng e boima, mme ba e fumanang ha ba bakae.
Ka mokgwa o jwalo le Kreste o ile a inyehela hanngwe, ho tlosa dibe tsa ba bangata. Mohla a tlang kgetlo la bobedi, sebe se se se fedisitswe, o tla iponahatsa ho ba mo lebeletseng hore a ba pholose.
Yena eo le mo ratang le hoja le sa ka la mmona, mme le hona jwale le dumelang ho yena le hoja le eso mmone. Jwale le nyakaletse ka thabo e ke keng ya bolelwa, e tlotlehang, hobane le tla amohela moputso wa tumelo ya lona, e leng pholoho ya lona.
Hobane ke ka mohau le pholositsweng ka ho dumela. Hona hase ho tswang ho lona, ke mpho ya Modimo; hase ho tswang mesebetsing ya lona, esere e mong wa lona a ithorisa.
Ha ke hlajwe ke dihlong ho bolela molaetsa o molemo, hobane wona ke matla a Modimo, a pholosang mang le mang ya dumelang, Mojuda pele, le yena moditjhaba.
Ho thata hore motho a shwele ya lokileng; mohlomong motho a ka beta pelo ho shwela ya molemo, empa Modimo o bontshitse lerato la hae ho rona, ka hore Kreste a re shwele ha re ne re sa le baetsadibe.
Haeba re boelantswe le Modimo ka lefu la Mora wa hae, ha re ne re sa ntse re le dira tsa Modimo, re tla pholoswa ho feta hakaakang ka bophelo ba Kreste, ha re se re boelantswe le Modimo!
O nnea thebe ya hao e pholosang, letsoho la hao le letona le a ntshehetsa, paballo ya hao e a nkgodisa. O ntlhekela tsela e batsi, maoto a ka ha a thelle.
Leha fate sa feiye se ke ke sa fupa, kapa fate sa morara sa se ke sa beha; leha mohlwaare o ke ke wa beha ditholwana, kapa kotulo ya eba siyo masimong; leha masaka a dikgutswane a ka oma, kapa masaka a dikgomo a mela mohlwa, nna ke tla nne ke ithabelle Morena, ke nyakallele Modimo, Mopholosi wa ka.