- Leha fate sa feiye
se ke ke sa fupa,
kapa fate sa morara sa se ke sa beha;
leha mohlwaare
o ke ke wa beha ditholwana,
kapa kotulo ya eba siyo masimong;
leha masaka a dikgutswane a ka oma,
kapa masaka a dikgomo
a mela mohlwa,
nna ke tla nne ke ithabelle Morena,
ke nyakallele Modimo,
Mopholosi wa ka. - Mang le mang ya tla rapela Morena, o tla pholoswa.
- Pholoho ya ka
e tswa ho Modimo,
le tlotla ya ka
e tswa ho yena,
ke yena lefika la ka le matla;
Modimo ke setshabelo sa ka. - Kaha o bile ntho ya bohlokwa,
o hlompheha mahlong a ka,
hobane ke o rata,
ke tla fana ka batho
bakeng sa hao,
ke fane ka ditjhaba
bakeng sa bophelo ba hao. - Ke nna monyako; ha motho a kena ka nna o tla pholoswa, mme o tla kena, a tswe, a fumane lekgulo.
- Ho bua ka sefapano ke bothoto ho ba yang timelong; athe ho rona ba yang pholohong ke matla a Modimo.
- Modimo o ratile lefatshe hoo a le neileng Mora wa hae ya tswetsweng a inotshi, hore e mong le e mong ya dumelang ho yena, a se ke a timela, a mpe a be le bophelo bo sa feleng.
- Empa ya tla tiisetsa ho fihlela qetellong, yena o tla pholoswa.
- Mohla ho hlahang taelo, ka lentswe la lengeloileholo, ka terompeta ya Modimo, Morena ka sebele o tla theoha lehodimong, mme ba shwetseng ho Kreste ba tla tsoha pele. Jwale rona ba tla beng ba ntse ba phela re tla nkelwa marung hammoho le bona, ho ya kgahlanyetsa Morena sebakeng, mme ka mokgwa o jwalo re tla ba le Morena kamehla.
- Ya nang le Mora o na le bophelo boo; ya se nang Mora wa Modimo ha a na bophelo boo.
- Ke tla le nea pelo e ntjha le moya o motjha, ke fedise pelo tse thata sa lejwe tse ka ho lona, ke le nee pelo tse ikokobeditseng.
- Ka hona o na le matla a ho pholosa ka ho tlala bohle ba tlang ho Modimo ka yena, kaha a phela kamehla ho ba buella.
- Mphodise, Morena,
mme ke tla fola,
mpholose, Morena,
mme ke tla pholoha,
hobane ke wena eo ke mo rorisang. - Ke a o rata Morena,
wena matla a ka.
Morena ke lehaha la ka,
ke qhobosheane ya ka,
ke monamoledi wa ka.
Modimo wa ka ke lefika la ka,
leo ke tshabelang ho lona;
Morena ke thebe ya ka,
ke lenaka la ka le ntwanelang,
ke seqhobo sa ka. - Seo ke se bolelang ke hore Modimo o ile a boelanya batho bohle ba lefatshe le yena ka Kreste, ka ho ba leballa dibe tsa bona, le ka ho re nea mosebetsi wa ho ba boelanya le yena.
- Jwale, bana beso, ke le hopotsa molaetsa o molemo oo ke le boleletseng wona, oo le o amohetseng, oo le tiileng ho wona, oo le tla pholoswa ka wona, ha le o boloka kamoo ke le boleletseng wona kateng; ho seng jwalo tumelo ya lona ke ya lefeela.
- Mang le mang ya ratang ho baballa bophelo ba hae bo tla mo senyehela, empa mang le mang ya senyehelwang ke bophelo ba hae ka baka la ka o tla bo rua.
- Ha ba lokileng ba lla,
Morena o a ba utlwa;
o ba lopolla
matshwenyehong wohle a bona.
Morena o haufi
le ba feletsweng ke tshepo,
o pholosa ba meya e tetebetseng. - A re pholosa, e seng ka baka la mesebetsi e lokileng eo re e entseng, empa e le ka baka la lereko la hae. A re pholosa ka tlhatsuo ya ho tswalwa botjha, eo Moya o Halalelang o re ntjhafatsang ka yona.
- Ya dumelang ho Mora o na le bophelo bo sa feleng, empa ya sa mameleng Mora a ke ke a bona bophelo, mme kgalefo ya Modimo e tla ba hodima hae kamehla.
- Ha e le rona ha habo rona ke lehodimong, moo re lebeletseng Mopholosi wa rona ho tswa teng, e leng Morena wa rona Jesu Kreste.
- Leshodu le tlela feela ho utswa, le ho bolaya, le ho timetsa; nna ke tlile hore di be le bophelo, mme di be le bophelo ka ho tlala.
- Ha a se a entswe ya phethehileng, e bile mohlodi wa pholoho e sa feleng ho bohle ba mo mamelang.
- Jwalokaha botjhabela
bo le hole le bophirimela,
le ditlolo tsa rona o a di suthisa,
o di suthisetsa hole le yena hakaalo. - Ka baka leo, le lahle tsohle tse manyala le bokgopo bo fetisisang, mme ka boikokobetso le amohele lentswe la Modimo le jetsweng ka dipelong tsa lona, le nang le matla a ho le pholosa.
Dihlogotaba tša go tswalana
Jesu
Jesu a ba tadima...
Tumelo
Ka baka leo, ke...
Sebe
Kapa na ha le...
Boloki
Ya thahasellang ho loka...
Bophelo
Morena o tla o...
Bophelo bjo bo sa felego
Ke di fa bophelo...
Temana ya Bibele ya lehono
E mong o hopola hore letsatsi le leng ke la bohlokwa ho feta le leng; e mong o hopola hore matsatsi wohle a a tshwana. Tabataba ke hore e mong le e mong a kgodisehe ka ho tlala hore o nepile.Amogela Temana ya Bibele ya Letšatši ka Letšatši:
Tsebišo ya letšatši ka letšatšiEmeileAndroidWeposaeteng ya gagoTemana ya Bibele ya go se kgethwe ka maikemišetšo
O setshabelo sa ka,o tla mphemisa matshwenyeho;
o nteela hare, o a ntopolla.Temana ya go latela!
