DailyVerses.netDihlogotabaTemana ya go se kgethwe ka maikemišetšoIngwadiše

Phološo (3/4)

  • Ka baka leo, le lahle tsohle tse manyala le bokgopo bo fetisisang, mme ka boikokobetso le amohele lentswe la Modimo le jetsweng ka dipelong tsa lona, le nang le matla a ho le pholosa.
  • Ke tseba hore, ka dithapello tsa lona le ka thuso ya Moya wa Jesu Kreste, qetello ya tsena tsohle e tla ba pholoho ya ka.
  • Jwalokaha ba bangata ba entswe baetsadibe ka ho se mamele ha motho a le mong, ka mokgwa o jwalo ba bangata ba tla etswa ba lokileng ka ho mamela ha motho a le mong.
  • Molaetsa ona o senola kamoo Modimo a lokafatsang batho kateng; feela ho hlokahala tumelo ho tloha qalong ho isa qetellong, jwalokaha ho ngotswe, ho thwe: “Ya lokileng o tla phela ka tumelo.”
  • Morena ke yena moahlodi wa rona,
    Morena ke yena
    ya re beelang molao,
    Morena ke yena kgosi ya rona,
    Morena ke yena ya tla re pholosa.
  • Ke hlakotse tshito tsa hao
    jwaloka leru,
    ka hlakola dibe tsa hao
    jwaloka mohodi,
    kgutlela ho nna,
    hobane ke o lopolotse.
  • Ke hopola hore bohloko ba nako ya jwale ha bo lokele ho lekanngwa le tlotla eo re tla e senolelwa.
  • Morena o lopolla bophelo
    ba bahlanka ba hae;
    ho ba tshabelang ho yena,
    ha ho le ya mong ya tla ahlolwa.
  • O re ntshitse matleng a lefifi, a re fetisetsa mmusong wa Mora wa hae ya ratehang, eo ka yena re fumanang topollo le tshwarelo ya dibe.
  • Ya phahameng, ya hodimodimo,
    yena ya phelang kamehla yohle,
    eo lebitso la hae le halalelang, o re:
    “Ke phela bakeng se phahameng,
    bakeng se halalelang,
    ya robehileng moya,
    ke phela le yena,
    le ya ikokobeditseng
    ke phela le yena,
    ke kgothatsa ya ikokobetsang,
    ke kgothatsa ya robehileng moya.”
  • Pholoho e tswa ho Morena.
    Tlhohonolofatso ya hao
    e ke e be hodima setjhaba sa hao.
  • Mang le mang ya ratang ho pholosa bophelo ba hae, bo tla mo lahlehela, empa mang le mang ya lahlehelwang ke bophelo ba hae ka baka la ka, le ka baka la molaetsa o molemo, o tla bo pholosa.
  • Hase mang kapa mang ya reng ho nna: ‘Morena, Morena,’ ya tla kena Mmusong wa mahodimo, empa ho tla kena ya etsang thato ya Ntate ya mahodimong.
  • Ke a tseba:
    Mopholosi wa ka o a phela,
    qetellong o tla ema a mpakele.
  • Empa lona le moloko o kgethehileng, le baprista ba Morena, le mofuta o halalelang, le setjhaba seo a se ruileng. Le kgethetswe ho bolela dintle tsa ya le ntshitseng lefifing, a le bitsetsa leseding la hae le hlollang.
  • Hobane le Mora Motho ha a a ka a tlela ho sebeletswa, empa ho tla sebeletsa le ho neelana ka bophelo ba hae hore e be topollo ya ba bangata.
  • Metsi ana ke setshwantsho sa kolobetso e re pholosang jwale. Kolobetso hase ho hlatsuwa ditshila tsa mmele, empa ke ho itlama ho Modimo ka letswalo le kgutsitseng. E le pholosa ka tsoho ya Jesu Kreste.
  • Jesu a ba tadima, a re ho bona: “Hona ho sita batho, empa Modimo ha a sitwe ke letho.”
  • Empa nna ke tla lebella Morena,
    ke lebelle Modimo,
    Mopholosi wa ka;
    Modimo wa ka o tla nkutlwa.
  • Oho, Morena, Modimo wa mabotho,
    ako boele o re tsose,
    o re bontshe sefahleho
    se kganyang kgotso,
    re tle re pholohe.
  • A matle hakaakang maoto
    a ba tsamayang hodima dithaba,
    bona ba tlisang molaetsa o molemo,
    ba phatlalatsang taba tsa kgotso
    ba tlisang molaetsa o molemo,
    ba phatlalatsang taba tsa topollo,
    ba reng ho Sione:
    “Modimo wa hao o a busa!”
  • Ke yena feela lefika la ka,
    ke yena feela pholoho ya ka;
    ke qhobosheane ya ka,
    nke ke ka sisinyeha.
  • Jwaloka masea a sa tswa hlaha, lakatsang lebese le hlwekileng la lentswe la Modimo, e le hore ka lona le tle le hodisetswe pholohong.
  • A bitsa letshwele le barutuwa ba hae, a re ho bona: “Haeba motho a rata ho ntatela, a itele, a jare sefapano sa hae, mme a ntatele.”
  • Ditshiu tsa ka di matsohong a hao;
    nnamolele diatleng tsa dira tsa ka,
    o nnamolele le ho bahlorisi ba ka.

Ka mokgwa o jwalo Mora Motho ha a ya tlela ho sebeletswa, empa ho tla sebeletsa le ho neelana ka bophelo ba hae hore e be topollo ya ba bangata.
Bala tše dingwe...