- Ha ke lahle mohau wa Modimo, hobane haeba ho loka ho tliswa ke Molao, e tla ba Kreste o shwetse lelea!
- Ako re thuse, Modimo,
wena mopholosi wa rona,
bitso la hao le tle le tlotliswe;
ako re namolele,
mme o re tshwarele dibe
ka baka la lebitso la hao. - Ka mokgwa o jwalo Mora Motho ha a ya tlela ho sebeletswa, empa ho tla sebeletsa le ho neelana ka bophelo ba hae hore e be topollo ya ba bangata.
- Ho bokwe Morena
ka matsatsi wohle,
yena ya re pepang,
yena Modimo, mopholosi wa rona. - Ha e le nna
ke tla o nyehella ka sehlabelo,
ke ntse ke o binela ka teboho,
ke phetha le tsona dikano tsa ka.
Pholoho e tswa ho Morena! - Lona bana ba ka, le ba Modimo, mme le hlotse baporofeta bao, hobane ya nang le lona o moholo ho feta ya nang le lona o moholo ho feta ya nang le ba lefatshe.
- Motho wa batho
ha a ipiletsa ho Morena,
Morena o a mo utlwa,
o mo pholosa
matshwenyehong wohle a hae. - Ho swaba ka mokgwa oo Modimo a o ratang ho hlahisa pako e se nang boikwahlayo, e isang pholohong; athe ho swaba ka mokgwa oo lefatshe le o ratang ho tlisa lefu.
- Morena o tseba ho ntsha ba lokileng molekong, empa ba kgopo o ba bolokela kotlo ya mohla letsatsi la kahlolo.
- Oho, Morena, ako re pholose!
Oho, Morena, ako re atlehise!
Ho bokwe ya tlang
ka bitso la Morena:
Re le hlohonolofatsa
re le ka tlung ya Morena. - Ako bontshe mohlanka wa hao,
o mmontshe sefahleho,
sefahleho se kganyang kgotso,
o mpholose ka mohau wa hao. - O mong feela moetsi wa molao le moahlodi: Ke ya nang le matla a ho pholosa le ho timetsa. Ebe wena o mang o ka ahlolang wa heno?
- Lona basadi, ikokobeletseng banna ba lona, jwalokaha le ikokobeletsa Morena, hobane monna ke hlooho ya mosadi, jwalokaha le Kreste e le hlooho ya Kereke. Ke yena mopholosi wa mmele, e leng kereke.
- Rwalang katiba ya tshepe ya pholoho, le tshware sabole ya Moya, e leng lentswe la Modimo.
- “Bao e tla ba ba ka,” ho rialo Morena wa mabotho, “e be ba ka mohla letsatsi leo ke le kgethileng. Ke tla ba baballa jwalokaha ntata a baballa mora wa hae ya mo sebeletsang.”
- Itekoleng, mme le itlhahlobe, le tle le fumane hore na le phela ka tumelo. Ha ke re, le a tseba hore Kreste Jesu o teng ho lona, haese haeba le le ba sa amoheleheng?
Dihlogotaba tša go tswalana
Jesu
Jesu a ba tadima...
Tumelo
Ka baka leo, ke...
Sebe
Kapa na ha le...
Boloki
Ya thahasellang ho loka...
Bophelo
Morena o tla o...
Bophelo bjo bo sa felego
Ke di fa bophelo...
Temana ya Bibele ya lehono
Ntjapedi ha e hlolwe ke sebata,thapo e kgwele di tharo
e dieha ho kgaoha.
Amogela Temana ya Bibele ya Letšatši ka Letšatši:
Tsebišo ya letšatši ka letšatšiEmeileFacebookAndroid-appWeposaeteng ya gagoTemana ya Bibele ya go se kgethwe ka maikemišetšo
Bophelo ba lona bo se ke ba buswa ke ho rata tjhelete. Le kgotsofalle seo le nang le sona, hobane Modimo ka boyena o itse:“Ha nka ke ka o lahla,
kapa ka o furalla.”Temana ya go latela!