- Modimo ke setshabelo sa rona
le matla a rona;
ke thuso e teng kamehla,
thuso matshwenyehong. - Ho fihlela boqhekung ba lona
ha ke eso fetohe,
ke tla nne ke le pepe
ho fihlela le eba bo-raputswe.
Ke nna ya le bopileng,
mme ke tla nne ke le sike,
ke tla nne ke le pepe,
ke le namolele. - Morena o rata ho loka,
mme a ke ke
a furalla batshepuwa ba hae.
Ba kgopo ba tla timella ruri,
ditloholo tsa bona di tla fediswa. - A re tiisetseng ho bolela tshepo ya rona re sa thekesele, hobane ya re tshepisitseng o a tshepahala.
- Morena o na le lona haeba le lona le ena le yena. Ha le mmatla le tla mo fumana, empa haeba le mo furalla le yena o tla le furalla.
- Mme tsohle tseo le di kopang ka thapelo, le dumela, le tla di fumana.
- Hobane Mangolo a re: “Mang le mang ya dumelang ho yena ha a ka ke a hlajwa ke dihlong.”
- Le kajeno Jesu Kreste e ntse e le yena wa maobane, mme e tla nne e be yena kamehla yohle.
- Tsohang molota, le be sebete; le se ke la di tshaba kapa la di tshoha, hobane Morena Modimo wa lona, ke yena ya tsamayang le lona. A ke ke a le lahla kapa a le furalla.
- Ba tsebang lebitso la hao
ba ke ba o tshepe,
ba o tshepe hobane wena Morena,
o ke ke wa furalla ba o batlang. - Empa ya ithorisang a ke a ithorise ka Morena, hobane ya amohelehang hase ya ikemelang, empa ke ya emelwang ke Morena.
- Mesebetsi yohle
e na le moputso wa yona,
empa ho berabera
hona ho a futsanehisa. - Hobane mohau wa hao o moholo,
o fihla mahodimong,
le botshepehi ba hao
bo fihla marung. - Efela lentswe la Morena le lokile,
mesebetsi yohle ya hae
ke ya nnete. - Lona ba ratang Morena,
hloyang bokgopo,
o baballa bophelo
ba batshepuwa ba hae,
o ba namolela
matsohong a ba kgopo. - Moo ke reng:
“Leoto la ka le a thella,”
mohau wa hao
o a ntshehetsa, Morena. - “Leha dithaba di ka sisinngwa
le maralla a suthiswa,
lerato la ka le matla ho wena
le ke ke la sisinyeha,
kapa selekane sa ka sa kgotso
sa fediswa,”
ho rialo Morena, yena ya o utlwelang bohloko. - Yena ke Lefika,
mosebetsi wa hae o hloka kodi,
ditsela tsohle tsa hae di na le toka;
ke Modimo ya tshepahalang,
ya se nang bokgopo;
o lokile, mme o nepa kamehla. - Ka baka leo, ere ho bona: ‘Morena Modimo o bua tjena: Mantswe a ka a ke ke a hlola a thisiswa, empa tseo ke di bolelang di tla phethahatswa, ho rialo Morena Modimo.’
- Mahlo a hao
a tadime kapele ho wena,
dintshi tsa hao di se ke tsa panya. - Jwang bo a pona,
palesa di foforehe,
empa ntswe la Modimo wa rona
le hlola kamehla. - O tla o kwahela ka masiba a hae,
o tshabele tlasa mapheo a hae.
Botshepehi ba hae
ke thebe le thejana. - Modimo ke mang,
haese Morena?
Lefika ke mang,
haese Modimo wa rona? - Morena, o se ke wa ntima
lerato la hao,
mohau wa hao le nnete ya hao
di nne di mpoloke ka mehla yohle. - Morena o lokile
ho tsohle tseo a di etsang,
mesebetsing yohle ya hae
o mohau.
Dihlogotaba tša go tswalana
Go ba le tumelo
Ka baka la lerato...
Modimo
Morena Modimo wa hao...
Lentšu la Modimo
Mangolo wohle a ngotswe...
Lerato
Lerato le na le...
Boloki
Ya thahasellang ho loka...
Tšhireletšo
Hlomelang ka dihlomo tsohle...
Temana ya Bibele ya lehono
Pelo e thabilenge tseba ho fodisa,
empa moya o hlorileng
o tepeletsa mmele.