- Morena, mohau wa hao
o ke o be le rona,
hobane re tshepile wena. - Morena, ako utlwe thapelo ya ka,
o sekehele thapedi ya ka tsebe;
o nkarabe
ka baka la botshepehi ba hao,
le ka baka la ho loka ha hao. - Tsela ya Morena
ke tshabelo sa ba lokileng,
empa ba kgopo bona e a ba timetsa. - Ke yena feela lefika la ka,
ke yena feela pholoho ya ka;
ke qhobosheane ya ka,
nke ke ka sisinyeha. - O rata ho loka le toka;
lefatshe lohle
le tletse mohau wa Morena. - Le dipolelo
tseo ke di buang di jwalo,
di ke ke tsa kgutlela ho nna
di sa sebetsa letho,
empa di tla phethahatsa
seo ke se ratang,
di phethe merero
eo ke di rometseng ho e phetha. - Suthisetsa bolotsana le mashano
hole le nna,
o se ke wa nthuisa
kapa wa mphutsanehisa,
o mphepe ka dijo tse ntekaneng. - Modimo ya le bitseditseng ho ba le kabelo bophelong ba Mora wa hae, Jesu Kreste, Morena wa rona, o a tshepahala.
- Ha ke na ho le siya le le dikgutsana, ke tla tla ho lona.
- ‘Kgutlelang ho nna,’ ho rialo Morena wa mabotho, ‘le nna ke tla kgutlela ho lona,’ ho rialo Morena wa mabotho.
- Nnete ke moko wa lentswe la hao,
dikahlolo tsohle tsa hao
ke tse lokileng, ke tsa mehla yohle. - Lehodimo le lefatshe di tla fela, empa mantswe a ka a ke ke a fela.
- Modimo hase motho
hoo a ka buang leshano,
hase mora wa motho
hoo a ka inyatsang.
Na seo a se bolelang
a ke ke a se etsa?
Na seo a se buileng
a ke ke a se phetha? - Bona, ya kgopo yena
a ke ke a phela,
athe ya lokileng
o tla phela ka tumelo ya hae. - Ruri Morena Modimo
ha a ke a etsa letho
a eso senole morero wa hae,
a o senolela bahlanka ba hae,
bahlanka ba hae, baporofeta. - Lentswe lena ke la nnete, le reng:
“Haeba re shwele le yena,
re tla phela le yena.” - Bonang, kajeno le nna ke ya boyabatho. Botebong ba dipelo tsa lona, le maikutlong a lona, le tseba hantle hore ha ho ntho le e nngwe ya dintho tsohle tse molemo, tseo Morena Modimo wa lona, a le tshepisitseng tsona, e sa kang ya phethahala. Tsohle di phethahetse, ha ho le e nngwe e sa kang ya phethahala.
- Modimo ke mang,
haese Morena?
Lefika ke mang,
haese Modimo wa rona? - Nthute tsela ya hao Morena,
ke tle ke tsamaye nneteng ya hao;
tataisetsa pelo ya ka
tshabong ya lebitso la hao. - Kannete ke a le bolella: ho fihlela lehodimo le lefatshe di fela, ha ho ka ke ha fetoha tlhakunyana e le nngwe leha e le letshwaonyana le le leng Molaong, ho fihlela tsohle di etsahala.
- Paki e tshepahalang
ha e ke e thetsa,
empa ya bohata
yona e bua leshano. - Pelo tsa lona di ke di swabe,
ho ena le ho hahola
diaparo tsa lona.
Kgutlelang ho Morena,
Morena Modimo wa lona,
hobane o mosa, o mohau,
o dieha ho halefa,
o tletse lerato,
o hauhela ba etsang bokgopo. - O se ke wa bolaya; o se ke wa feba; o se ke wa utswa; o se ke wa etseletsa motho e mong; hlompha ntatao le mmao, mme o rate wa heno jwalokaha o ithata.
- Morena o hloile motho
ya buang leshano,
empa ya buang nnete
yena o a mo thabisa. - Morena Modimo wa rona, a be le rona, jwalokaha a bile le bo-ntata rona; a se ke a re lahla, a re furalla.
Dihlogotaba tša go tswalana
Go ba le tumelo
Ka baka la lerato...
Modimo
Morena Modimo wa hao...
Lentšu la Modimo
Lentswe la Modimo le...
Lerato
Lerato le na le...
Boloki
Ya thahasellang ho loka...
Tšhireletšo
Hlomelang ka dihlomo tsohle...
Temana ya Bibele ya lehono
Morena, o tseba tsohletseo ke di lakatsang,
ho fehelwa ha ka
ha ho a pateha ho wena.