- Fadimehang, tiyang tumelong, emang senna, matlafalang.
- Bonang, ho hotle,
ho monate hakaakang,
ha bana ba motho
ba phedisana ka kgotso! - Leha mmele wa ka
le pelo ya ka di ka fela,
Modimo ke lefika la ka
le kabelo ya ka kamehla. - Empa se bewang ke Moya ke lerato, thabo, kgotso, mamello, mosa, molemo, botshepehi, bonolo le boitshwaro. Tse kang tsena, ha ho molao o ka di thibelang.
- Kapa na ha le tsebe hore ba kgopo ba ke ke ba eja lefa la Mmuso wa Modimo? Le se ke la ithetsa: dihlola, le basebeletsi ba medimo ya bohata, le difebe, le ba janang maotwana, le mashodu, le ditlofa, le matahwa, le ba ditlhapa, le dinokwane, ba ke ke ba eja lefa la Mmuso wa Modimo.
- Bana beso, ka lebitso la Morena wa rona Jesu Kreste ke ipiletsa ho lona hore bohle le be ntsweleng, dikarohano di be siyo hara lona, le mpe le utlwane, le be le maikutlo a le mang le kgopolo e le nngwe.
- Ka baka leo, le ke le tshedisane, mme le matlafatsane, jwalokaha le fela le etsa.
- Bokang Morena, hobane o molemo,
mohau wa hae
ke wa kamehla yohle. - Haeba setjhaba sa ka, se bitswang ka nna, se ka ikokobetsa, sa rapela, sa mpatla, mme sa kgutla mekgweng ya sona e kgopo, ke tla utlwa ke le lehodimong, ke se tshwarele sebe sa sona, mme ke ntjhafatse naha ya sona.
- Rona re na le lerato, hobane yena o re ratile pele.
- Ya lalang diphoso ka mmele
o qeka ho ratwa,
athe ya di pepesang
yena o senya setswalle. - Moya wa ka, o nyahametseng?
O hloretseng ka sefubeng sa ka?
Tshepa Modimo.
Ke sa tla nne ke mmoke,
yena mopholosi wa ka
le Modimo wa ka. - Bohle le bana ba Modimo ka ho dumela ho Kreste Jesu, hobane lona bohle ba kolobeleditsweng ho Kreste le apere Kreste.
- Baballa pelo ya hao,
e baballe ho feta tsohle,
hobane ke yona diba sa bophelo. - O matlafatsa ba tepeletseng,
ba kgathetseng
o ba tsosa molota. - Jwalokaha motho
a ipona sefahleho ka metsing,
pelo ya motho
le yona ke seipone sa hae. - Le be baphethi ba lentswe leo, e seng bautlwi feela, ba ithetsang ka bobona.
- Hlomelang ka dihlomo tsohle tsa Modimo, hore le tle le tsebe ho qhela maraba a Diabolosi.
- Feela a bo kope ka tumelo, a sa belaele letho, hobane ya belaelang o tshwana le leqhubu la lewatle le tsokotswang ke moya.
- Le se ke la tshwana le ba lefatshe lena, le mpe le fetohe ka ho ntjhafala dikelellong, hore le tle le iphumanele seo thato ya Modimo e leng sona, e leng sohle se molemo, se kgahlehang, se phethehileng.
- Ho bokwe Modimo, Ntata Morena wa rona Jesu Kreste, Ntata mehauhelo le Modimo wa matshediso wohle. O re tshedisa matshwenyehong wohle a rona, e le hore le rona re tle re tsebe ho tshedisa bohle ba matshwenyehong, ka matshediso ao le rona re tshediswang ka wona ke Modimo.
- Ka baka leo, a re atameleng ka sebete teroneng ya mohau, re tle re amohele lereko, re fumane le mohau ho re thusa ha re hloka thuso.
- Le tla mpatla, mme le mphumane, haeba le mpatla ka dipelo tsa lona tsohle.
- Ha ho ya nang le lerato le fetang lena, la hore motho a telle metswalle ya hae bophelo ba hae.
- Tsohle tse phelang
di ke di rorise Morena.
Haleluja!
Kakaretšo ya ditemana tša Bibele tša go tuma kudu tše 100 go DailyVerses.net.
Dihlogotaba tša go tswalana
Lerato
Lerato le na le...
Kholofelo
‘Ke tseba merero eo...
Tumelo
Ka baka leo, ke...
Lapa
Mantswe ana ao ke...
Go direla/hlankela
Oho, Morena, ke wena...
Thapelo
Thabang kamehla, se phetseng...
Temana ya Bibele ya lehono
Ya nang le ditaelo tsa ka, mme a di boloka, ke yena ya nthatang; ya nthatang o tla ratwa ke Ntate, le nna ke tla mo rata, mme ke tla iponahatsa ho yena.Amogela Temana ya Bibele ya Letšatši ka Letšatši:
Tsebišo ya letšatši ka letšatšiEmeileAndroidWeposaeteng ya gagoTemana ya Bibele ya go se kgethwe ka maikemišetšo
Ya patang dibe tsa haea ke ke a ba le katleho;
ya ipolelang tsona, a di bakela,
o tla fumana mohau.Temana ya go latela!
