A re hlokomelaneng, mme re kgothaletsaneng leratong le mesebetsing e metle. Re se ke ra furalla diphutheho tsa rona, jwalokaha ba bang ba tlwaetse. Empa re kgothatsane, haholoholo kaha le a bona hore Letsatsi la Morena le ntse le atamela.
Ke eo a etla a le hara maru, mme mahlo a bohle a tla mmona, esita le bona ba mo hlabileng, mme meloko yohle ya lefatshe e tla mo llela. E! A ho be jwalo!
Yare ba sa ntse ba tadimile lehodimong ha a ntse a nyoloha, bonang, banna ba babedi, ba diaparo di tshweu, ba ema pela bona. Yaba ba re: “Banna ba Galelea, le emetseng le shebile lehodimong? Jesu enwa ya nyolletsweng lehodimong, a tloha hara lona, o tla boela a kgutla ka mokgwa oo le mmoneng a nyolohela lehodimong ka wona.”
Feela, baratuwa, ntho eo le sa tshwanelang ho e lebala ke ena: Ho Morena letsatsi le le leng le jwaloka dilemo tse sekete, mme le dilemo tse sekete di jwaloka letsatsi le le leng.
Ka baka leo, haeba ba re ho lona: ‘Bonang, o teng feelleng!’ le se ke la ya teng; kapa: ‘Bonang, o phaposing!’ le se ke la ba la dumela, hobane jwalokaha lehadima le tsekema ho tloha botjhabela le be le yo fihla bophirimela, le ho tla ha Mora Motho ho tla ba jwalo.
Le lona banna, ratang basadi ba lona, jwalokaha le Kreste a ratile kereke, mme a e teletse bophelo ba hae. O ratile ho e halaletsa, ka ho e hlwekisa ka tlhatsuo ya metsi, le ka lentswe.