DailyVerses.netDihlogotabaTemana ya go se kgethwe ka maikemišetšoIngwadiše

Jesu (2/8)

  • Kgotso ya Kreste e ke e buse dipelo tsa lona. Ke ka kgotso ena Modimo a le bitseditseng ho ba mmele o le mong. Lebohang ke hona.
  • Kannetenete, ke a le bolella, ya amohelang eo nka mo romang, o a nkamohela, mme ya nkamohelang, o amohela ya nthomileng.
  • Yena, o ne a ena le boleng ba Modimo, mme o ne a sa hopole hore o iphamolela letho ha a re, o lekana le Modimo, empa o ile a iketsa lefeela, a inkela boleng ba lekgoba, a tshwana le batho, a phela jwaloka motho. O ile a inyenyefatsa, ya eba ya mamelang ho isa lefung, le hona lefu la sefapano.
  • Hobane Mora Motho o tlile ho batla le ho pholosa ba lahlehileng.
  • Eka kgona yena a hole, empa nna ke nyenyefale.
  • Ka tsela ena, ha motho a le ho Kreste, ke mmopuwa e motjha; tsa kgale di fetile, tse ntjha di hlahile.
  • Modimo ha a a ka a roma Mora wa hae lefatsheng ho ahlola lefatshe, empa e le hore lefatshe le pholoswe ka yena.
  • Ke nna monyako; ha motho a kena ka nna o tla pholoswa, mme o tla kena, a tswe, a fumane lekgulo.
  • Jwalokaha re ena le ditho tse ngata mmeleng o le mong, empa ditho tseo tsohle di sa etse mosebetsi o tshwanang, ka mokgwa o jwalo, leha re le bangata, re mmele o le mong ho Kreste, e mong ke setho sa e mong.
  • A re ho bona: “Empa lona le re nna ke mang?”
    Simone Petrose a araba, a re: “O Kreste, Mora wa Modimo ya phelang.”
  • Empa ha re bolela nnete ka lerato, re tla hola ka mekgwa yohle, ho ba ba Kreste, eo e leng hlooho.
  • Haeba le a nthata, le tla boloka ditaelo tsa ka.
  • Jesu a araba, a re ho bona: “Mosebetsi wa Modimo ke hore le dumele ho eo a mo romileng.”
  • Rona re tswaletswe Ngwana,
    rona re filwe Mora,
    puso e tla ba mahetleng a hae,
    o tla bitswa
    Radimakatso le Moeletsi,
    Modimo ya matla, Rabosafeleng,
    Kgosana ya Kgotso.
  • Bomodimo bohle, ka ho tlala ha bona, bo ahile ho yena, bothong ba hae. Ka yena, eo e leng hlooho ya meya yohle e busang, le e okamelang, le neilwe bophelo ka ho tlala.
  • Ka baka leo, tsebang he, bana beso, hore ka Jesu le phatlalletswa tshwarelo ya dibe. Le dinthong tsohle tseo le neng le sitwa ho fumanwa le se molato ho tsona ka Molao wa Moshe,
    mang le mang ya dumelang ho Jesu o fumanwa a se molato ho tsona.
  • Bophelo bona bo sa feleng ke hore ba o tsebe, o le Modimo a le mong, wa nnete, le Jesu Kreste eo o mo romileng.
  • Ha lefatshe le le hloya, tsebang hore le ile la ntlhoya pele ho lona.
  • Lentswe ya eba motho, la aha hara rona, mme ra bona tlotla ya lona, e tletseng mohau le nnete, tlotla e kang eo Mora ya tswetsweng a nnotshi a e fumaneng ho Ntate.
  • Ka baka leo, Modimo o ile a mo phahamisetsa hodimodimo, mme a mo fa lebitso le hlomphehang ho feta mabitso wohle, e le hore, ha ho bitswa lebitso la Jesu, mangwele wohle a lehodimong, le a lefatsheng, le a katlasa lefatshe, a tle a kgumame.
  • Ya nang le Mora o na le bophelo boo; ya se nang Mora wa Modimo ha a na bophelo boo.
  • Ho nna, bophelo ke Kreste, mme lefu le molemo ho feta.
  • Ke nna sefate sa morara, lona le makala. Ya dulang ka ho nna, le nna ka ho yena, o beha ditholwana tse ngata, hobane ntle ho nna le ke ke la etsa letho.
  • O ile a nyediswa,
    a furallwa ke batho,
    ya eba motho wa mahlomola,
    ya tsebang mahloko.
    A tshwana le eo batho
    ba tshabang le ho mo tadima;
    o ile a nyediswa,
    ra se ke ra mo natsa.
  • Jwale bopaki boo ke bona: Modimo o re neile bophelo bo sa feleng, mme bophelo bona re bo fumana ka Mora wa hae.

Rona re na le Modimo a le mong e leng Ntate. Ke yena eo dintho tsohle di tswang ho yena, eo re mo phelelang. Hape re na le Morena a le mong, e leng Jesu Kreste. Ke yena eo dintho tsohle di entsweng ka yena, eo re phelang ka yena.
Bala tše dingwe...

Temana ya Bibele ya lehono

Mpho e betlela mofani tsela,
e mmee kapele ho mahosi a hae.

Temana ya Bibele ya go se kgethwe ka maikemišetšo

Leha fate sa feiye
se ke ke sa fupa,
kapa fate sa morara sa se ke sa beha;
leha mohlwaare
o ke ke wa beha ditholwana,
kapa kotulo ya eba siyo masimong;
leha masaka a dikgutswane a ka oma,
kapa masaka a dikgomo
a mela mohlwa,
nna ke tla nne ke ithabelle Morena,
ke nyakallele Modimo,
Mopholosi wa ka.
Temana ya go latela!

Thekga DailyVerses.net

Nthuse ho phatlalatsa Lentsoe la Molimo:
Neela