Ke mang ho lona, eo ereng ha a rata ho haha tora, a sa keng a dule pele ho etsa dikgakanyo tsa ditshenyehelo, ho bona hore o na le seo a ka e qetang ka sona?
Morena Modimo wa lona, o tla le hlohonolofatsa jwalokaha a buile ho lona. Le tla adimana ka tsa lona ho ditjhaba tse ngata, empa lona le ke ke la adima letho ho tsona. Le tla busa ditjhaba tse ngata, empa tsona di ke ke tsa le busa.
Bophelo ba lona bo se ke ba buswa ke ho rata tjhelete. Le kgotsofalle seo le nang le sona, hobane Modimo ka boyena o itse: “Ha nka ke ka o lahla, kapa ka o furalla.”
Ha ho motho ya ka sebeletsang marena a mabedi, hobane o tla hloya e mong, a rate e mong; kapa o tla kgomarela e mong, a nyedise e mong. Le ke ke la sebeletsa Modimo le Leruo.
Bohle ba sitilweng ba sa tsebe Molao wa Moshe, ba tla timela ba ntse ba sa tsebe Molao oo, empa bohle ba sitilweng ba ntse ba tseba Molao wa Moshe, ba tla ahlolwa ka Molao oo.
Le tsamaye ka tsela eo Morena Modimo wa lona, a le laetseng hore le tsamaye ka yona, e le hore le tle le phele, le atlehe, mme le phele halelele naheng eo e tla ba ya lona.