DailyVerses.netDihlogotabaTemana ya go se kgethwe ka maikemišetšoIngwadiše

Tshokologo (2/2)

  • Hlaphohelwang, mme le se ke la nna la etsa sebe. Ba bang ha ba tsebe Modimo; ke rialo hore le hlajwe ke dihlong.
  • Le se ke la bolellana mashano, hobane le hlobotse botho ba lona ba kgale le mesebetsi ya bona. Le apere botho bo botjha bo ntjhafatswang hore bo tshwane le Mmopi, le tle le be le tsebo ya nnete.
  • Hoja le ka mamela kgalemo ya ka,
    pelo ya ka nkabe ke le bulela yona,
    mehopolo ya ka ke le tsebisa yona.
  • Tjhe, empa ke a le bolella, haeba le sa bake, le tla timela jwalo bohle.
  • ‘Le se ke la etsisa baholoholo ba lona, bao baporofeta ba mehleng ya pele ba neng ba ba bolelle, ba re: Morena wa mabotho o bua tjena: Tlohelang metsamao ya lona e kgopo le diketso tsa lona tse kgopo hle, empa ha ba a ka ba mmamela, leha e le hona ho nkutlwa,’ ho rialo Morena.
  • Ho swaba ka mokgwa oo Modimo a o ratang ho hlahisa pako e se nang boikwahlayo, e isang pholohong; athe ho swaba ka mokgwa oo lefatshe le o ratang ho tlisa lefu.
  • A re hlahlobeng tsela tsa rona,
    re di lekole,
    ebe re boela re kgutlela ho Morena.
  • Yaba Paulosi o re: “Johanne o ile a kolobetsa ka kolobetsa ya pako, a ntse a bolella batho hore ba dumele ho ya tlang kamorao ho yena, e leng ho Jesu.”
  • Itokisetseng tseo le tla di bua,
    le kgutlele ho Morena,
    le re ho yena:
    “Ako re tshwarele
    bokgopo bohle ba rona,
    mme thapedi ya rona o e amohele.
    Bakeng sa ho nyehela
    ka mahlabelo a dipohwana,
    re tla o boka ka melomo ya rona.”
  • Modimo o hlahisitse mohlanka wa hae, a mo roma ho lona pele, ho hlohonolofatsa e mong le e mong wa lona, ha a sokoloha bobeng ba hae.
  • Haeba le ka lokisa metsamao ya lona le diketso tsa lona hantle; haeba le ka sebeletsana ka toka; haeba le sa hatelle moditjhaba, kgutsana le mohlolohadi, mme le sa tsholle madi a se nang molato sebakeng sena; kapa le sa kgumamele medimo esele, e leng ntho e kotsi ho lona; ke tla etsa hore le ahe sebakeng sena, naheng eo ke neng ke e nee baholoholo ba lona, hore e be ya bona kamehla yohle.
  • Jwale a re tloheleng thuto eo ho qalwang ka yona ya Kreste, re fetele pele ho tse phethehileng, tsa batho ba baholo. Re se ke ra boela ra kgutlela motheong: E leng ho furalla mesebetsi e isang timelong, ho dumela ho Modimo, ho rutwa tsa dikolobetso, peo ya matsoho, tsoho ya bafu le kahlolo e sa feleng.
  • Na nna ke thabela lefu la ya kgopo, ho ena le hore a furalle ditsela tsa hae, mme a phele? ho rialo Morena Modimo.

Temana ya Bibele ya lehono

Hlokomelang baporofeta ba bohata, ba tlang ho lona ba ikgakantse eka ke dinku, empa kahare e le diphiri tse harolakang.

Amogela Temana ya Bibele ya Letšatši ka Letšatši:

Tsebišo ya letšatši ka letšatšiEmeileFacebookAndroid-appWeposaeteng ya gago

Temana ya Bibele ya go se kgethwe ka maikemišetšo

Ntjapedi ha e hlolwe ke sebata,
thapo e kgwele di tharo
e dieha ho kgaoha.
Temana ya go latela!

Thekga DailyVerses.net

Nthuse ho phatlalatsa Lentsoe la Molimo:
Neela