- Empa ha ke re letho ka bophelo ba ka, ha feela nka phetha mosebetsi wa ka, le tshebeletso eo ke neng ke e amohele ho Morena Jesu, ya ho paka tsa molaetsa o molemo wa mohau wa Modimo.
- Jwale wena ngwanaka, o matlafale ka mohau wa Kreste Jesu.
- Mohau wa Morena Jesu Kreste, le lerato la Modimo, le phedisano le Moya o Halalelang di ke di be le lona bohle.
- Ya patang dibe tsa hae
a ke ke a ba le katleho;
ya ipolelang tsona, a di bakela,
o tla fumana mohau. - Jwale re tla reng? Na re tla tswela pele ho etsa sebe hore mohau o tle o ate? Le kgale! Rona ba shweleng ka nqeng ya sebe, re ka nna ra phela ho sona jwang?
- Mohau wa Morena Jesu Kreste o ke o be le lona.
- Ke tla ba tshwarela
makgopo a bona,
ha ke sa tla hlola
ke hopola dibe tsa bona. - Mohau le kgotso ya Modimo Ntata rona le ya Morena Jesu Kreste di ke di be le lona.
- Empa ka baka la mehauhelo
e meholo ya hao,
ha o a ka ba timetsa
le ho ba furalla,
hobane o Modimo ya lereko,
ya mohau. - Ha ke lahle mohau wa Modimo, hobane haeba ho loka ho tliswa ke Molao, e tla ba Kreste o shwetse lelea!
- Ebe motho e ne e le eng,
hoo o ka mo hopolang?
Ngwana motho e ne e le eng,
hoo o ka mo hlokomelang? - Ka baka la neo ya mohau eo ke e neilweng, ke bolella e mong le e mong wa lona hore a se ke a ikgopola ho feta tekanyo, a mpe a inahane ka mokgwa o lekaneng, ho ya kamoo Modimo a lekanyeditseng e mong le e mong tumelo ya hae kateng.
- Lona le filwe lehlohonolo, e seng feela la ho dumela ho Kreste, empa le la ho mamella mahloko ka baka la hae.
- Modimo ya re fang kgotso o tla etsa hore le ripitle Satane kapelepele.
Mohau wa Morena wa rona Jesu o ke o be le lona. - Lona ba batlang ho lokafatswa ka Molao oo, le ikgaohantse le Kreste, le lahlehetswe ke mohau wa Modimo.
- Pelo tsa lona di ke di swabe,
ho ena le ho hahola
diaparo tsa lona.
Kgutlelang ho Morena,
Morena Modimo wa lona,
hobane o mosa, o mohau,
o dieha ho halefa,
o tletse lerato,
o hauhela ba etsang bokgopo. - Jwale Petrose a tla ho yena, a re: “Morena, ngwaneso ha a ntse a ntshitelwa ke tla mo tshwarela hakae? Hasupa na?” Jesu a re ho yena: “Ke re ho wena e seng hasupa, empa ha mashome a supileng hasupa.”
- “Kgutla, wena Iseraele
wa mokwenehi,”
ho rialo Morena.
“Ha nka ke ka hlola
ke o sosobanyetsa sefahleho,
hobane ke mohau,”
ho rialo Morena.
“Ha ke na ho o halefela
kamehla yohle.” - Ya kgopo
a furalle ditsela tsa hae,
molotsana
a furalle mehopolo ya hae,
a sokolohele ho Morena wa hae,
mme Morena o tla mo hauhela;
a sokolohele ho Modimo wa rona,
hobane yena o tshwarela haholo. - Le lona banna, le phedisane le basadi ba lona, le ntse le tseba hore ba fokola ho le feta. Le ba hlomphe hobane le bona, hammoho le lona, ke majalefa a bophelo boo Modimo a le neang bona. Etsang hona e le hore dithapelo tsa lona di tle di se ke tsa sitiswa.
- Empa molekgetho a ema hojana, a tshaba le ho tadima lehodimong, a itshwabela, a re: ‘Modimo, ako nkgauhele, nna moetsadibe.’
- Yare ha Modimo a bona diketso tsa bona, le kamoo ba baketseng bokgopo ba bona kateng, a ba utlwela bohloko, mme a se ke a ba otla jwalokaha a ne a itse o tla ba otla. A fela a se ke a ba otla.
- Empa wena Morena, o Modimo
o na le kutlwelobohloko le mosa,
o dieha ho halefa,
o tletse mohau le botshepehi.
Dihlogotaba tša go tswalana
Mohau
Ka baka leo, a...
Jesu
Jesu a ba tadima...
Sebe
Kapa na ha le...
Tshwarelo
Ya lalang diphoso ka...
Tšhegofatšo
Morena a le hlohonolofatse...
Lerato
Lerato le na le...
Temana ya Bibele ya lehono
Sebe se ke ke sa ba le matla hodima lona, hobane ha le sa le tlasa Molao, empa le tlasa mohau.Amogela Temana ya Bibele ya Letšatši ka Letšatši:
Tsebišo ya letšatši ka letšatšiEmeileAndroidWeposaeteng ya gagoTemana ya Bibele ya go se kgethwe ka maikemišetšo
Ruta ngwana tsela ya ho phela,ha a hodile a ke ke be a fapoha.Temana ya go latela!
