- Ha ba ntse ba phetha tshebeletso ya Morena Jesu, mme ba itima dijo, Moya o Halalelang wa re: “Nkgetheleng Baranabase le Saule bakeng sa mosebetsi oo ke ba bitseditseng wona.”
- Hobane ha ho eso be boporofeta bo kileng ba tla ka thato ya motho le ka mohla, empa e bile ka ho susumetswa ke Moya o Halalelang batho ba ileng ba bolela tse tswang ho Modimo.
- Yare ke sa qala ho bua, Moya o Halalelang wa theohela hodima bona, jwaloka ho rona, qalehong.
- Moya wa Morena Modimo
o hodima ka,
hobane o ntlotseditse
ho bolella mafutsana,
molaetsa o molemo.
O nthometse ho thoba pelo
tsa ba swabileng,
ho phatlalletsa bathopuwa
tsa tokoloho,
le hore ba tjhankaneng
ba tla lokollwa. - Ha batho bohle ba kolobeditswe, Jesu le yena a kolobetswa. Ha a ntse a rapela lehodimo la buleha, mme Moya o Halalelang wa theohela hodima hae ka sebopeho se kang sa leeba; lentswe la tswa lehodimong, la re: “O Mora wa ka eo ke mo ratang, ya nkgahlang.”
- A re pholosa, e seng ka baka la mesebetsi e lokileng eo re e entseng, empa e le ka baka la lereko la hae. A re pholosa ka tlhatsuo ya ho tswalwa botjha, eo Moya o Halalelang o re ntjhafatsang ka yona.
- Mang kapa mang ya buang se lwantshang Mora Motho o tla tshwarelwa, empa mang kapa mang ya buang se lwantshang Moya o Halalelang, a ke ke a tshwarelwa mehleng ena, leha e le mehleng e tlang.
- Na ho ka ba teng ya ka thibelang hore batho baa, ba amohetseng Moya o Halalelang jwaloka rona, ba kolobetswe ka metsi na?
- Ha ke a ka ka mo tseba, empa ya nthomileng ho kolobetsa ka metsi, o itse ho nna: ‘Eo o bonang Moya o theohela, mme o dula hodima hae, ke yena ya kolobetsang ka Moya o Halalelang.’
- Yare a sa hopotse jwalo, lengeloi la Morena la iponahatsa ho yena torong, la re: “Josefa, mora Davida, o se ke wa tshaba ho inkela Maria mohatsa hao, hobane se emotsweng ke yena se tswa ho Moya o Halalelang.”
- O phahamisitswe ka letsoho le letona la Modimo, a amohela Moya o Halalelang jwalokaha Ntatae a ne a tshepisitse. A o theola kamoo le bonang, mme le utlwang kateng.
- Tshimolohong Modimo o ne a hlole lehodimo le lefatshe. Lefatshe le ne le se na sebopeho, le se na letho; lefifi le ne le aparetse bodiba. Moya wa Modimo o ne o okaokela metsi.
- Kereke ya eba le kgotso Judea yohle, le Galelea, le Samaria; ya bopeha, ya phela ka ho tshaba Morena, mme ya anafala ka kgothatso ya Moya o Halalelang.
- Ka baka leo, ke a le bolella, batho ba ka tshwarelwa sebe se seng le se seng le nyefolo e nngwe le nngwe, empa ha e le nyefolo e nyefolang Moya o Halalelang, ba ke ke ba e tshwarelwa.
- Lengeloi la mo araba, la re: “Moya o Halalelang o tla theohela ho wena, matla a Ya Hodimodimo a be hodima hao; ka baka leo, eo o tla mo tswala o tla bitswa ya Halalelang, Mora wa Modimo.”
- Tswalo ya Jesu Kreste e bile jwaana: Mmae Maria, ha a se a lebeleditswe ke Josefa, ba eso ka ba phela mmoho, a fumaneha e le moimana ka matla a Moya o Halalelang.
- Ha eo a etla, o tla kgodisa lefatshe ka tsa sebe, le ka tsa toka, le ka tsa kahlolo.
- Ha e le nna, ke le kolobeletsa pako ka metsi. Athe ya tlang kamorao ho nna o mpheta ka matla, hoo ke sa tshwaneleng ho mo rola meqathatso; yena o tla le kolobetsa ka Moya o Halalelang le ka mollo.
- Ka ho inyehela hanngwe feela o ile a etsa hore bao a ba halaleditseng ba phethehe ka mehla yohle.
Dihlogotaba tša go tswalana
Moya wa Modimo
Morena ke Moya, mme...
Jesu
Jesu a ba tadima...
Pentakoste
Ha letsatsi la Pentekonta...
Kolobetšo
Bohle le bana ba...
Ntate
Jwalokaha ntata bana a...
Go bolela
Leleme le ka phedisa...
Temana ya Bibele ya lehono
Jwale Jesu a ba isa kantle ho motse, a ya le bona ho ya fihla Bethania, a phahamisa matsoho, a ba hlohonolofatsa. Eitse ha a ntse a ba hlohonolofatsa, a tloha ho bona, a nyollelwa lehodimong.Amogela Temana ya Bibele ya Letšatši ka Letšatši:
Tsebišo ya letšatši ka letšatšiEmeileFacebookAndroid-appWeposaeteng ya gagoTemana ya Bibele ya go se kgethwe ka maikemišetšo
Jwalokaha mothoa ipona sefahleho ka metsing,
pelo ya motho
le yona ke seipone sa hae.Temana ya go latela!