- Morena, molemo wa hao
o mokaakang!
O o boloketse ba o tshabang;
pontsheng ya bana ba batho
o o etsetsa ba tshabelang ho wena. - Ke rorisa Modimo,
hobane ke a mo tshepa,
ke tshepa Modimo,
nke ke ka tshaba letho;
motho yena a ka nketsang? - Jwale, kaha re tseba hore o a re utlwa ha re kopa, re a tseba hore tseo re di kopang ho yena e se e ntse e le tsa rona.
- Baratuwa, le se ke la dumela mang kapa mang ya reng o na le Moya. Le mpe le hlahlobe hore na moya oo wa bona o tswa ho Modimo, hobane hohle lefatsheng ho tletse baporofeta ba bohata.
- Ho molemo ho tshabela ho Morena,
ho ena le ho tshepa motho. - Morena ke matla a ka le thebe ya ka;
pelo ya ka e mo tshepile,
mme o nthusitse;
pelo ya ka e nyakaletse,
ke mmoka ka dipina. - Pelo tsa lona di se ferekane. Dumelang ho Modimo; le ho nna le dumele.
- O boloka kgotso
ya ba maikutlo a tsitsitseng,
hobane bona ba fela ba o tshepile. - Ba tsebang lebitso la hao
ba ke ba o tshepe,
ba o tshepe hobane wena Morena,
o ke ke wa furalla ba o batlang. - Baratuwa, haeba matswalo a rona a sa re qose, re ka tla ho Modimo ka sebete. Eng le eng eo re e kopang re tla e fuwa, hobane re boloka ditaelo tsa hae, mme re etsa se mo kgahlisang.
- Empa ha re tshepile ho fumana seo re esong ho be le sona, re se lebella ka mamello.
- Ako mpaballe Modimo,
hobane ke tshabela ho wena. - Ha ke rialo ka baka la ho hloka, hobane ke ithutile ho kgotsofalla boemo boo ke leng ho bona.
- Leha nka dikanelwa ke mara,
nke ke ka tshoha letho;
esita leha nka futuhelwa,
le teng ke tla nne ke be le tshepo. - Ha e le nna,
ke tshepile mohau wa hao;
pelo ya ka e ke e nyakalle
hobane o mpholositse. - A re ho bona: “Ke hobane tumelo ya lona e a fokola. Kannete ke a le bolella, ke re: Hoja le na le tumelo e kaa ka tlhaku ya mosetareta le ne le tla re ho thaba ena: ‘Sutha mona, o ye mane,’ mme e ne e tla sutha. Ha ho letho le ka le sitang.”
- Morena, mohau wa hao
o ke o be le rona,
hobane re tshepile wena. - “Leha dithaba di ka sisinngwa
le maralla a suthiswa,
lerato la ka le matla ho wena
le ke ke la sisinyeha,
kapa selekane sa ka sa kgotso
sa fediswa,”
ho rialo Morena, yena ya o utlwelang bohloko. - Ha le thabele bokgopo, empa le thabela nnete. Le iphapanyetsa tsohle, le dumela tsohle, le tshepa tsohle, le mamella tsohle.
- Morena ke yena
ya tiisang mehato ya batho,
mme o kgahlwa ke metsamao ya bona. - Kannete ke a le bolella hore ha e mong a ka re ho thaba eo: ‘Sutha, o yo wela lewatleng,’ a se na pelaelo pelong ya hae, a mpa a dumela hore seo a se bolelang se tla etsahala, o tla se etsetswa.
- Ke yena feela lefika la ka
le pholoho ya ka;
ke qhobosheane ya ka,
nke ke ka sisinyeha. - Ruri Morena o tla ntswela molemo,
a ntswele molemo
lefatsheng la ba phelang. - Se kgahlwe ke motho
ya kgantshang bohanka,
se latele le e nngwe ya tsela tsa hae.
Morena o hloile ya sothang nnete,
empa ya lokileng
yena o a mo tshepa. - Jwale he, bana ba ka, phelang ka ho Kreste, e le hore mohla a iponahatsang re tle re be sebete, re se ke ra ba dihlong, ra honyela, ha a se a le teng.
Dihlogotaba tša go tswalana
Tumelo
Ka baka leo, ke...
Letšhogo
O se ke wa...
Polokego
Empa Morena o a...
Tšhireletšo
Hlomelang ka dihlomo tsohle...
Pelo
Baballa pelo ya hao...
Tšhegofatšo
Morena a le hlohonolofatse...
Temana ya Bibele ya lehono
Lengeloi la mo araba, la re: “Moya o Halalelang o tla theohela ho wena, matla a Ya Hodimodimo a be hodima hao; ka baka leo, eo o tla mo tswala o tla bitswa ya Halalelang, Mora wa Modimo.”Amogela Temana ya Bibele ya Letšatši ka Letšatši:
Tsebišo ya letšatši ka letšatšiEmeileAndroidWeposaeteng ya gagoTemana ya Bibele ya go se kgethwe ka maikemišetšo
Bonang, ho hotle,ho monate hakaakang,
ha bana ba motho
ba phedisana ka kgotso!Temana ya go latela!
