DailyVerses.netDihlogotabaTemana ya go se kgethwe ka maikemišetšoIngwadiše

Mphalane 2026

2026 Mphalane 21, Laboraru

Ke thabela ho etsa thato ya hao,
Modimo wa ka.
Molao wa hao o ka pelong ya ka.

2026 Mphalane 20, Labobedi

Ya ratang wa habo ha a mo etse hampe; kahoo ho ba le lerato ke ho phetha Molao ka ho tlala.

2026 Mphalane 19, Mmantaha

Ya nang le ditaelo tsa ka, mme a di boloka, ke yena ya nthatang; ya nthatang o tla ratwa ke Ntate, le nna ke tla mo rata, mme ke tla iponahatsa ho yena.

2026 Mphalane 18, Sontaha

Bea mesebetsi ya hao
atleng tsa Morena,
mme merero ya hao
e tla phethahala.

2026 Mphalane 17, Moqebelo

Modimo o tla putsa e mong le e mong ho ya ka diketso tsa hae.

2026 Mphalane 16, Labohlane

Re se kgathale ho etsa tse molemo, hobane re tla kotula ka nako e lokelang, haeba re sa tepelle.

2026 Mphalane 15, Labone

Ke thabela
ho latela ditemoso tsa hao,
ho feta maruo wohle.

2026 Mphalane 14, Laboraru

Le tla halalela le be batho ba ka, hobane nna, Morena, ke a halalela. Ke le kgaohantse le baditjhaba, hore le tle le be ba ka.

2026 Mphalane 13, Labobedi

Athe mang le mang ya nwang metsi ao ke tla mo fa wona, a ke ke a hlola a nyorwa le ka mohla, empa metsi ao ke tla mo fa wona a tla fetoha ka ho yena sediba sa metsi a kopoletsang bophelong bo sa feleng.

2026 Mphalane 12, Mmantaha

Rona re sebetsa mmoho le Modimo; lona le tshimo ya Modimo, le mohaho wa Modimo.

2026 Mphalane 11, Sontaha

Morena e tla ba yena kgosi ya lefatshe lohle. Mohla tsatsi leo, Morena o tla ba mong, le lebitso la hae e be lona le inotshi.

2026 Mphalane 10, Moqebelo

Le kajeno Jesu Kreste e ntse e le yena wa maobane, mme e tla nne e be yena kamehla yohle.

2026 Mphalane 9, Labohlane

Ke mohau ke wa hao, Morena;
ke wena ya putsang motho,
ho ya ka diketso tsa hae.

2026 Mphalane 8, Labone

Etswe Molao wohle o akaretswa ka taelo e le nngwe: Rata wa heno jwalokaha o ithata.

2026 Mphalane 7, Laboraru

Ke mang he, ya tla re arohanya le lerato la Kreste? Na ke matshwenyeho, kapa ditlallo, kapa tlhoriso, kapa tlala, kapa tlhobolo, kapa kotsi, kapa sabole?

2026 Mphalane 6, Labobedi

Tshepo e sa phethahaleng
e nyahamisa pelo,
takatso tse phethahatswang
di ka fate sa bophelo.

2026 Mphalane 5, Mmantaha

Ya bolokang ditaelo tsa Modimo o phela ka ho Modimo, le Modimo o phela ka ho yena. Ka Moya o Halalelang oo Modimo a re neileng wona, re tseba hore Modimo o phela ka ho rona.

2026 Mphalane 4, Sontaha

Empa le apare tsa Morena Jesu Kreste, mme le kgaotse ho kgotsofatsa ditakatso tsa botho.

2026 Mphalane 3, Moqebelo

Ruta pelo ya ka ditemoso tsa hao,
ho ena le ho rata maruo.

2026 Mphalane 2, Labohlane

Lona bakwenehi, na ha le tsebe hore ho etsa setswalle le lefatshe ke bora ho Modimo? Mang le mang ya ratang ho ba motswalle wa lefatshe o iketsa sera sa Modimo.

2026 Mphalane 1, Labone

Bana beso, ka lebitso la Morena wa rona Jesu Kreste ke ipiletsa ho lona hore bohle le be ntsweleng, dikarohano di be siyo hara lona, le mpe le utlwane, le be le maikutlo a le mang le kgopolo e le nngwe.